Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 28:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Tloha, o ye Paddan-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo, o inkele mosadi teng wa baradi ba Labane, malomao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Tsamaya, o ye Padane-Arame, tlung ya Bethuele, ntatao moholo ya tswalang mmao; o nyale mosadi teng ho baradi ba malomao Labane.

Ver Capítulo Copiar




Genese 28:2
16 Referencias Cruzadas  

Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


Rebeka o ne a na le kgaitsedi, lebitso la hae e le Labane. Yaba Labane o a tswa, a mathela kantle ho monna sedibeng.


o mpe o ye lefatsheng la heso, le ho ba heso, o nkele mora wa ka Isaaka mosadi teng.


Yaba Labane le Bethuele ba araba, ba re: Taba ena e tswa ho Jehova; re sitwa ho o arabela hampe kapa hantle.


Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.


Yaba Isaaka o fa Jakobo tsela; eo a ya Paddan-Arame, ho Labane, mora Bethuele, Moarame, kgaitsedi ya Rebeka, mmae a Jakobo le Esau.


Yaba Jakobo o tswela pele, a ya naheng ya bana ba Botjhabela.


A nka le mehlape ya hae kaofela, le maruo a hae kaofela, mehlape e neng e le ya hae eo a e ruileng Paddan-Arame, a tloha ho ya ho Isaaka, ntatae, lefatsheng la Kanana.


ha ke a lekanwa ke mehau ya hao kaofela, le ke ditshepiso tsohle tsa hao tseo o tshepisitseng mohlanka wa hao ka tsona, kanthe ke ne ke tshele Jordane ena ke na le lere la ka feela, mme jwale ke fetohile matshwele a le mabedi.


Jakobo a fihla ka kgotso motseng wa Sikeme, o leng naheng ya Kanana, a sa ntse a etswa Paddan-Arame; a hloma tente tsa hae pela motse.


Modimo wa boela wa iponahatsa ho Jakobo a se a kgutlile Paddan-Arame, wa mo hlohonolofatsa.


Ke bona bara ba Lea, bao a ba tswaletseng Jakobo Paddan-Arame, le Dina, moradi wa hae. Bara ba hae le baradi ba hae kaofela e ne e le batho ba mashome a mararo a metso e meraro.


Jakobo o ne a balehele naheng ya Siria; Iseraele a sebelletsa mosadi; ho rua mosadi a iketsa modisa.


Ka moporofeta Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta, le ka moporofeta Iseraele o kile a bolokwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos