Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 24:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ke tle ke o antshe ka Jehova, Modimo wa mahodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana, bao ke ahileng hara bona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 ke tle ke o hlapantshe ka Morena, Modimo wa lehodimo le Modimo wa lefatshe, hore o ke ke wa nkela mora wa ka mosadi ho baradi ba Bakanana bao ke ahileng hara bona,

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:3
49 Referencias Cruzadas  

A mo hlohonolofatsa, a re: Ho hlohonolofatswe Abrame ke Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe!


Empa Abrame a araba morena wa Sodoma, a re: Ke emisitse letsoho la ka ho Jehova, Modimo o hodimodimo, monga mahodimo le lefatshe,


Ka baka leo, ntlhapanyetse mona jwale, ka Modimo, hore o ke se ke wa etsa ka bohata ho nna, leha e le ho bana ba ka, leha e le ho ditloholo tsa ka; le hore kamoo nna ke o etseditseng kateng ka molemo, o etse jwalo ho nna le ho naha eo o jakileng ho yona.


Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng.


Rebeka a re ho Isaaka: Ke tennwe ke ho phela ha ka ka baka la baradi ba Hethe; ekare ha Jakobo a ka inkela mosadi ho baradi ba Hethe, ya jwaloka barwetsana ba naha ena, na bophelo ba ka e tla ba bo jwang?


Isaaka a bitsa Jakobo, a mo hlohonolofatsa, a mo laela, a re ho yena: O se ke wa inkela mosadi ho baradi ba Kanana.


yaba Esau o lemoha hoba baradi ba Kanana ba babe mahlong a Isaaka, ntatae.


Le nyallaneng le rona, le re nee baradi ba lona, mme le inkele baradi ba rona.


Juda a bona teng moradi wa motho wa Kanana, ya bitswang Shua; a mo nyala, a tla ho yena.


A re: Nkanele. Mme a mo anela. Yaba Iseraele o inamela mosamong wa malao a hae.


Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.


bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.


Ho ne ho le difontwane tsa batho lefatsheng mehleng eo, hobane bara ba Modimo ba tle ho baradi ba batho, mme ba ba tswalle bana; ke tsona dinatla tsa boholoholo, tse mabitso a tumileng.


Esekiase a rapela pela Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; o entse mahodimo le lefatshe.


Hurame a eketsa, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya entseng mahodimo le lefatshe, hobane o neile morena Davida mora ya bohlale, ya kelello, ya kutlwisiso, ya ratang ho hahela Jehova ntlo, le ho ikgahela ntlo ya borena.


Ba re fetotse, ba itse: Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe, mme re tsosa ntlo e neng e hahuwe kgale, ho se ho le dilemo tse ngata, e na beng e hahilwe, ya ba ya phethwa ke morena e moholo e mong wa Iseraele.


Yaba ke a ba kgalemela, ka ba rohaka, ka ba ka otla ba bang, ka ba hlotha meriri; mme ka ba hlapantsha ka Modimo, ka re: Se neeng baradi ba lona ho bara ba bona, mme le se nkele bara ba lona baradi ba bona; le lona le se ke la inkela bona!


Ke wena Jehova o nnotshi; ke wena ya entseng mahodimo, mahodimo a mahodimo le makgotla wohle a wona, lefatshe le tsohle tse ho lona, mawatle le tsohle tse ho wona; ke wena ya phedisang ntho tseo tsohle; makgotla a mahodimo a ntse a kgumama pela hao.


Le bahlohonolofatswa ba Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.


Rorisang Modimo wa mahodimo! Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


kano ya ho ana ka Jehova e tla bewa mahareng a batho bao ba babedi, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho nthong ya wa habo; monga yona o tla dumela kano, mme ha a ka ke a lefelwa letho.


Le hlokomele tsohle tseo ke le boleletseng tsona; le se ke la ba la bolela lebitso la medimo e meng; le se ke la bolelwa ke molomo wa hao.


mme wa nkela bara ba hao baradi ba bona, yaba baradi ba bona, ka ho feba le medimo ya bona, ba febisa le bara ba lona le medimo ya bona.


Ke anne ka nna, taba e lokileng e tswile molomong wa ka, e ke ke ya kgutla, e re: Mangole wohle a tla nkgumamela, maleme wohle a ane ke nna.


Mamelang taba ena, lona ntlo ya Jakobo, ba ipitsang ka lebitso la Iseraele, bao le tswileng mohloding wa Juda, bao le anang ka lebitso la Jehova, ba rorisang Modimo wa Iseraele, empa e seng ka nnete le ka ho loka.


hore e mong le e mong ya ratang ho hlohonolofatswa lefatsheng, a rate ho hlohonolofatswa ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng a ane ka Modimo wa nnete, mme e mong le e mong ya tlang ho ana lefatsheng, a ane ka Modimo wa nnete, hobane ditsietsi tsa pele di tla lebalwa, di patwe mahlong a ka.


Le tla ba bolella jwalo, le re: Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe, yona e tla tloswa lefatsheng le katlasa lehodimo.


Ekare ha ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, hore ba tle ba ane ka lebitso la ka, ba re: Ka Jehova ya phelang, kamoo ba rutileng setjhaba sa ka kateng ho ana ka Baale, ke tla ba ahisa hara setjhaba sa ka.


Nyalang basadi, le tswale bara le baradi; le nyadise bara ba lona basadi, le batlele baradi ba lona banna, ba tle ba tswale bara le baradi, le tle le anafale teng, le se ke la boba.


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;


Mona moprista o tla hlapantsha mosadi ka kano ya thohako, mme o tla re ho mosadi: Jehova a o neele thohakong le hlapaolong hara setjhaba sa heno, a omeletse letheka la hao, a kokomose mpa ya hao;


Mosadi o tlameletswe ho monna wa hae ke molao mehleng yohle eo monna wa hae a phelang ka yona; empa ekare ha monna wa hae a shwele, eba o lokolotswe, a ka nyalana le eo a mo ratang, e mpe e be Moreneng.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o mo kgomarele, mme o ane ka lebitso la hae.


Tshaba Jehova, Modimo wa hao, o mo sebeletse, o ane ka lebitso la hae.


Efela batho ba ye ba hlapanye ka ya ba fetisang, mme ha ho tiiswa taba ka kano, ke moo dikgang tsohle tsa bona di felang.


Jwale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, jwalokaha ke le entse hantle, le lona le tla etsa ntlo ya ntate hantle. Le nnee pontsho ya nnete,


Ntatae le mmae ba re ho yena: Na ha ho mosadi hara baradi ba banabeno le setjhabeng sa heso kaofela, haele moo o re, o rata ho inkela mosadi hara Bafilesta, bao ba maqai? Samsone a re ho ntatae: Nnkeleng yena, hobane o a nkgahla.


Jonathane a ntoo eketsa a hlapantsha Davida, ka baka la ho mo rata; o ne a mo rata jwalokaha a ithata.


Davida a re ho yena: Hleka o ka re isa letshweleng leo na? A re ha o ka ntlhapanyetsa ka Modimo hobane o ke ke wa mpolaya, leha e le ho nneela matsohong a monga ka, ke tla o isa letshweleng leo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos