La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 19:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

a re: Oho hle, beng ba ka, a le keng le fapohele tlung ya mohlanka wa lona, le robale teng, mme le hlatswe maoto a lona; le ntoo tsohela tseleng ya lona. Ba re: Tjhe, re tla mpe re robale lepatlelong.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba o re: “Benghadi ba ka, ke a le rapela, fapohelang tlung ya mohlanka wa lona, le robaletse, le itlhatswe maoto, le tle le tsohe ka madungwadungwana, le tswele pele leetong la lona.” Mangeloi a re: “Tjhe, re tla ithoballa mabaleng a motse.”

Ver Capítulo



Genese 19:2
15 Referencias Cruzadas  

A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, mme le kgatholohe tlasa fate sena.


Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,


Empa a ba phehella haholo, ba ba ba fapohela ho yena, ba kena ka tlung ya hae; mme a ba etsetsa selallo, a ba apehela dinkgwana tse se nang ditomoso, mme ba eja.


A re: Tloo, mohlohonolofatsuwa wa Jehova! O duletseng kantle na, kanthe ke se ke lokisitse ntlo le sebaka sa dikamele?


Yaba motho eo o tlisa banna bao ka tlung ya Josefa, a ba nea metsi a hlatswang maoto a bona, a fepa le diesele tsa bona.


Davida a ba a re ho Uria: Ikele hae, o itlhatswe maoto. Uria a tswa tlung ya morena, mme mpho ya morena ya mo sala morao.


ha eba hase nnete hobane moeti o ne a se na ho hlola bosiu kantle, hobane ke ne ke ntse ke buletse baeti monyako wa ka;


O se ke wa itlwaetsa haholo lapeng le wa heno, esere mohlomong a tenwa ke wena, a ba a o hloya.


Ke hlobotse kobo ya ka; ke tla e apara jwang? ke hlatswitse maoto a ka; ke tla a silafatsa jwang?


Yaba o retelehela ho mosadi, a re ho Simone: Mosadi enwa o a mmona na? Ke kene tlung ya hao, mme ha o a ka wa nnea metsi ho itlhatswa maoto; empa enwa o kolobisitse maoto a ka ka meokgo, o a hlakotse ka moriri wa hlooho ya hae.


A ntoo tshela metsi mokekeng, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa ba hae, a a hlakola ka lesela leo a itlamileng ka lona.


Yare hobane a kolobetswe le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ya dumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ya ka, le dule teng. Mme a re tiisetsa matla.


Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.