Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 19:2 - BIBELE

2 Yaba o re: “Benghadi ba ka, ke a le rapela, fapohelang tlung ya mohlanka wa lona, le robaletse, le itlhatswe maoto, le tle le tsohe ka madungwadungwana, le tswele pele leetong la lona.” Mangeloi a re: “Tjhe, re tla ithoballa mabaleng a motse.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 a re: Oho hle, beng ba ka, a le keng le fapohele tlung ya mohlanka wa lona, le robale teng, mme le hlatswe maoto a lona; le ntoo tsohela tseleng ya lona. Ba re: Tjhe, re tla mpe re robale lepatlelong.

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:2
15 Referencias Cruzadas  

A ho ke ho tliswe metsinyana, le hlatswe maoto a lona, le phomole tlasa sefate.


Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho.


Empa a a pheella ka matla, mme a fapohela ho yena, a kena tlung ya hae. A a lokisetsa dijo, a a phehela bohobe bo sa lomoswang, mme a eja.


Labane a re: “Kena, wena ya hlohonolofaditsweng ke Morena; o emetseng kantle? Ke se ke o lokiseditse ntlo le sebaka sa dikamele.”


Monna eo a ba isa tlung ya Josefa, a ba fa metsi, ba itlhatswa maoto; a fepa le ditonki tsa bona.


Davida a re ho Uriya: “Eya lapeng, o yo phomola.” Uriya a tswa ka tlung ya bokgosi, mme kgosi ya mo romela dijo tse ngata.


Ha ho na moeti ya kila lala thoteng, menyako ya lapa la ka e buletswe batsamai.


Ya ahisaneng le wena o mo fapohele sewelo, esere wa mo tena, a qetella a o hloile.


“Aparo sa ka ke se ke se hlobotse, na nka boela ka se apara? Maoto a ka le wona ke se ke a hlatswitse, na nka boela ka a silafatsa?”


Yaba o retelehela ho mosadi, o re ho Simone: “Mosadi eo o a mmona? Ke kene ka tlung ha hao, ha o a mpha metsi a ho hlatswa maoto, empa mosadi enwa o ile a tshela maoto a ka ka dikgapa, a a hlakola ka moriri wa hae.


A nto kga metsi, mme a qala ho hlatswa maoto a barutuwa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamile ka yona.


Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.


Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos