Genese 13:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Abrame a aha naheng ya Kanana, Lota yena a aha metseng ya lehwatata, mme a hloma ditente tsa hae ho ya fihla Sodoma. BIBELE Aborame a aha naheng ya Kanana, ha Lota yena a ile a ikgahela metseng e phuleng, a hloma ditente tsa hae pela Sodoma. |
Ha nkwa le Lota, mora moena Abrame, ya neng a ahile Sodoma, le maruo a hae kaofela, ha tsamauwa.
marena ao a futuhela Bera, morena wa Sodoma, le Birsha, morena wa Gomora, le Shineabe, morena wa Adma, le Shemeebere, morena wa Tseboime, le morena wa Bela, ke ho re, wa Tsoware.
Mangeloi a mabedi a fihla Sodoma mantsiboya, mme Lota o ne a dutse kgorong ya Sodoma. Lota, eitse ha a a bona, a ema, a ya a a kgahlanyetsa, mme a inamela fatshe ka sefahleho,
Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.
A timeletsa metse eo, lehwatata lohle, le bohle ba ahileng metseng, le tse mediswang ke mobu.
E ne eitse ha Modimo o timeletsa metse ya lehwatata, Modimo wa hopola Abrahama, mme wa phonyosa Lota tshenyong eo o sentseng ka yona metse eo Lota a neng a ahile ho yona.