Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 14:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 marena ao a futuhela Bera, morena wa Sodoma, le Birsha, morena wa Gomora, le Shineabe, morena wa Adma, le Shemeebere, morena wa Tseboime, le morena wa Bela, ke ho re, wa Tsoware.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 dikgosi tsena tsa futuhela Bera kgosi ya Sodoma, le Biresha kgosi ya Gomora, le Shinabe kgosi ya Adema, le Shemebere kgosi ya Seboime, le kgosi ya Bela, e leng Soware.

Ver Capítulo Copiar




Genese 14:2
12 Referencias Cruzadas  

Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.


Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


Abrame a aha naheng ya Kanana, Lota yena a aha metseng ya lehwatata, mme a hloma ditente tsa hae ho ya fihla Sodoma.


Hadide, Tseboime, Neballathe,


Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.


Pokollo ya Heshbone e utlwahala ho isa Eleale; e utlwahala le ho fihla Jahatse, ho tloha Tsoware, ho isa Horonaime le Eglathe-Shelishija; hobane le wona metsi a Nimrime a sentswe.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;


le naha e ka nqa borwa, le naha ya Jordane, le lehwatata la Jeriko, motse wa dipalema, ho isa Tsoware.


hlopha se seng sa nka tsela ya Bethe-Horone, mme se seng sehlopha sa nka tsela ya ho ya naheng e mabapa le sekgutlo sa Tseboime, pela nahathothe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos