Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.
Genese 13:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Lota o ikgethela lehwatata lohle la Jordane; a leba botjhabela, mme ba kgaohana. BIBELE Yaba, Lota o ikgethela phula yohle ya Jorodane, a leba botjhabela, mme ba arohana. |
Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.
Abrame a aha naheng ya Kanana, Lota yena a aha metseng ya lehwatata, mme a hloma ditente tsa hae ho ya fihla Sodoma.
Eitse ha Lota a se a ikgaohantse le yena, Jehova a re ho Abrame: Ako emise mahlo a hao, mme ho tloha moo o leng teng, o tadime leboya, le borwa, le botjhabela, le bophirimela;
Ha ke re, naha kaofela e pela hao na? Kgaohana le nna; ha ekaba o leba ka ho le letshehadi, nna ke tla leba ho le letona, mme ha o ka nka ho le letona, nna ke tla nka ho le letshehadi.
Eitse ha ba se ba ntsheditswe kantle, e mong wa bona a re: Baleha, o boloke bophelo ba hao; o se ke wa hetla kamorao, o se ke wa ema lehwatateng lohle; balehela thabeng, esere mohlomong wa timeletswa.
O se ke wa furalla motswalle wa hao, leha e le motswalle wa ntatao; mme o lese ho ya ha ngwaneno mohla o leng tsietsing. Eo le ahisaneng hammoho le yena o feta ngwaneno ya leng hole.
Ka nqa botjhabela, moedi o tla tloha mahareng a Haurane le Damaseka, o ntoo tsamaya mahareng a Gileade le lefatshe la Iseraele, Jordane; le tla o lekanya ho tloha moeding wa leboya ho tlisa lewatleng le ka nqa botjhabela. Ke oo moedi ka nqa botjhabela.
Re se ke ra ngala diphutheho tsa rona, kamoo e leng mokgwa wa ba bang kateng; re mpe re kgothatsane, haholo etswe le bona letsatsi le ntse le atamela.
Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.