Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 13:11 - BIBELE

11 Yaba, Lota o ikgethela phula yohle ya Jorodane, a leba botjhabela, mme ba arohana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Lota o ikgethela lehwatata lohle la Jordane; a leba botjhabela, mme ba kgaohana.

Ver Capítulo Copiar




Genese 13:11
11 Referencias Cruzadas  

Lota a phahamisa mahlo, mme a bona phula yohle ya Jorodane e ena le metsi a mangata, jwaloka serapa sa Morena, le jwaloka Egepeta, ho ya fihla Soware. E ne e le pele Morena a timetsa Sodoma le Gomora.


Aborame a aha naheng ya Kanana, ha Lota yena a ile a ikgahela metseng e phuleng, a hloma ditente tsa hae pela Sodoma.


Kamora hoba Lota le Aborame ba arohane, Morena a re ho Aborame: “Ako phahamise mahlo, mme o tadime ho tloha sebakeng seo o leng ho sona, ho ya leboya le borwa, le botjhabela le bophirimela.


Ha ke re o ka ikgethela moo o ratang teng naheng ye yohle? A re arohane. Haeba o eya ka letsohong le letshehadi, nna ke tla ya ka ho le letona; ha o eya ka ho le letona, ke tla ya ka ho le letshehadi.”


Ha ba se ba ba ntsheditse kantle, ba re ho bona: “Balehang le ipholose! Le se ke la hetla, kapa la ema kae kapa kae hara phula. Le balehele thabeng, ho seng jwalo le tla timela!”


Ke motswalle wa bohle ba o tshabang, le wa ba bolokang ditaelo tsa hao.


Ha e le medimo ya bohata e lefatsheng, ba kgahlwang ke yona ba rohakehile.


Se furalle motswalle wa hao kapa wa ntatao, ha o le bothateng, se itlwaetse ho ya ha ngwaneno; motswalle ya haufi o na le thuso, ho feta ngwaneno ya hole.


“Ka botjhabela moedi o tla tloha pakeng tsa Haurane le Damaseka, o ikgohle ka Jorodane, pakeng tsa Gileade le naha ya Iseraele, o yo fihla lewatleng le ka botjhabela, o fihle le Tamare. Ona e tla ba wona moedi o ka botjhabela.


Re se ke ra furalla diphutheho tsa rona, jwalokaha ba bang ba tlwaetse. Empa re kgothatsane, haholoholo kaha le a bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.


Hlomphang batho bohle, ratang badumedi, tshabang Modimo, hlomphang kgosi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos