Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 13:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha ke re, naha kaofela e pela hao na? Kgaohana le nna; ha ekaba o leba ka ho le letshehadi, nna ke tla leba ho le letona, mme ha o ka nka ho le letona, nna ke tla nka ho le letshehadi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ha ke re o ka ikgethela moo o ratang teng naheng ye yohle? A re arohane. Haeba o eya ka letsohong le letshehadi, nna ke tla ya ka ho le letona; ha o eya ka ho le letona, ke tla ya ka ho le letshehadi.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 13:9
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Lota o isa mahlo a hae, a bona lehwatata lohle la Jordane, hore le nosetsehile hohle ho isa Tsoware, le le jwaloka tshimo ya Jehova, le jwaloka lefatshe la Egepeta; mohlang oo, Jehova o ne a eso ho senye Sodoma le Gomora.


Yaba Abrame o re ho Lota: Oho! qabang e se ke ya eba teng mahareng a ka le wena, kapa mahareng a badisa ba ka le badisa ba hao, hobane re bana ba motho a le mong.


Abimeleke a ba a re: Bona, naha ya ka e pela hao; ikahele moo o ithatelang.


Le aheng le rona, naha ke eo e pela lona; ahang le rona, le hwebe, le be barui ho yona.


Ke rata kgotso feela! Empa ha ke bua, ba batla ntwa.


Haele wena, bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a matsohong a hao; leha o ka rata ho tla le nna Babilona, o ka tla, ke tla nne ke o ele sedi; empa ha ekaba o sa rate ho tla le nna Babilona, o ka lesa. Tadima, naha kaofela e pela hao, moo ho ka bang molemo, ho leng hotle ho wena ho ya teng, o ka ya.


Ha ho ka etswa, mme ha e le ka lona, le dule ka kgotso le batho bohle.


Athe e se e le molato ruri ho lona, ha le ena le ditseko. Na ha le ikgethele keng ho etswa hampe? Na ha le ikgethele keng ho senyehelwa?


Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos