Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba Abrame o re ho Lota: Oho! qabang e se ke ya eba teng mahareng a ka le wena, kapa mahareng a badisa ba ka le badisa ba hao, hobane re bana ba motho a le mong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Yaba Aborame o re ho Lota: “Ke a o rapela, qabang a e ke e be siyo pakeng tsa rona le wena, le pakeng tsa badisana ba ka le badisana ba hao, hobane re bana ba motho.

Ver Capítulo Copiar




Genese 13:8
30 Referencias Cruzadas  

Ha ke re, naha kaofela e pela hao na? Kgaohana le nna; ha ekaba o leba ka ho le letshehadi, nna ke tla leba ho le letona, mme ha o ka nka ho le letona, nna ke tla nka ho le letshehadi.


Eitse ha Abrame a utlwa hoba ngwanabo o tshwerwe, a phalla le batho ba hae ba hlakisitseng ba makgolo a mararo a leshome le metso e robileng meno e mmedi, ba tswaletsweng ka tlung ya hae, mme a ba tebela, a ba a fihla Dane.


A ntoo kgutlisa banababo hore ba tsamaye, mme a re ho bona: Le se ke la qabana tseleng.


le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.


Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!


Ka hosasane, a boela a tswa, a bona banna ba babedi ba Baheberu ba lwana; a re ho ya nang le molato: O otlelang wa heno?


Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.


Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.


Ke thoriso ho motho ho intsha tsekong; empa lehlanya le phehella ho yona.


Ho lehlohonolo ba etsang kgahiso; hobane ba tla rewa bana ba Modimo.


Ka hosasane, a wela ba bang ba lwanang, a ba kgothatsa hore ba etse kgotso, ka ho re: Banna, le ba mofuta o le mong; na le etsana hampe keng?


Tlwaelanang hamonate ka lerato la boena; le nne le beane pele ka hlomphano.


Etsang tsohle le sa ngongorehe, le sa dikadike;


Haele lerato la boena, hase taba eo ke tshwanetseng ho le ngolla yona, kahobane le lona le rutwa ke Modimo ho ratana.


Phehellang, ho ba le kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.


Lerato la boena a le tiye.


Jwale, meya ya lona ha e hlatswitswe ke ho utlwa nnete, hore le be le lerato la boena le se nang boiketsiso, a le ke le rataneng ka ho tiya ka pelo e hlwekileng;


Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.


Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;


Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.


le borapedi ka lerato la boena, le lerato la boena ka lerato la bohle.


Baratuwa, a re rataneng; hobane lerato le tswa ho Modimo, mme e mong le e mong ya ratang o tswetswe ke Modimo, le hona o tseba Modimo.


Mohlang oo, ha tla Gaale, mora Ebede, a ena le banababo; ba kena le Sikeme, mme beng ba Sikeme ba mo tshepa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos