La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 11:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yare ha ba fallela Botjhabela, ba fihlela lehwatata naheng ya Shineare, mme ba aha teng.

Ver Capítulo

BIBELE

Jwale yare ha batho ba ntse ba hloma ba hlomola, ba leba botjhabela, ba fumana thota naheng ya Shinare, mme ba aha teng.

Ver Capítulo



Genese 11:2
8 Referencias Cruzadas  

Qalo ya mmuso wa hae ya eba Babele, le Ereke, le Akkade, le Kalne, fatsheng la Shineare.


Lefatshe lohle le ne le na le puo e le nngwe le mantswe a le mang.


Ka baka leo, motse oo wa rewa Babele, kahobane ke moo Jehova a ferekantseng teng puo ya lefatshe lohle, le moo Jehova a ba qhalanyeditseng teng lefatsheng lohle.


Yaba Lota o ikgethela lehwatata lohle la Jordane; a leba botjhabela, mme ba kgaohana.


Yare mehleng ya Amrafele, morena wa Shineare, le Arioke, morena wa Ellasare, le Kedorlaomere, morena wa Elame, le Tideale, morena wa Gojime,


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.


La re ho nna: Ba e isa lefatsheng la Shinare, ho e hahela ntlo teng, e tla bewa teng, e tle e tiiswe hodima bodulo ba yona.