Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 5:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 La re ho nna: Ba e isa lefatsheng la Shinare, ho e hahela ntlo teng, e tla bewa teng, e tle e tiiswe hodima bodulo ba yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 La nkaraba, la re: “Ba o isa naheng ya Babilona, moo ba ilo o hahela ntlo teng. Ha ntlo eo e se e hahilwe, ba tla bea morifi ono ditulong tsa wona.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 5:11
10 Referencias Cruzadas  

Qalo ya mmuso wa hae ya eba Babele, le Ereke, le Akkade, le Kalne, fatsheng la Shineare.


Yare ha ba fallela Botjhabela, ba fihlela lehwatata naheng ya Shineare, mme ba aha teng.


Yare mehleng ya Amrafele, morena wa Shineare, le Arioke, morena wa Ellasare, le Kedorlaomere, morena wa Elame, le Tideale, morena wa Gojime,


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Hobane ke ka baka leo a rometseng ditaba ho rona Babilona, a re: Ho sa tla isa halelele; hahang matlo, le ikahele teng; lemang masimo, le itjelle dijo tsa wona.


Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.


Hobane ka matsatsi a mangata, bana ba Iseraele ba tla dula ba se na morena le mahosana, ba se na sehlabelo le setshwantsho, ba se na efoda le terafime.


Yaba ke re ho lengeloi le buang le nna: Bao ba isa efa kae?


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


Jehova o tla etsa hore dikotsi tsa hao, le dikotsi tsa ditloholo tsa hao, e be dikotsi tse makatsang, tse kgolo, tse sa feleng kapele, le mafu a mabe a hanellang ho wena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos