La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 10:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Bara ba Kushe ke Saba, le Havila, le Sabta, le Raema, le Sabteka. Bara ba Raema ke Seba, le Dedane.

Ver Capítulo

BIBELE

Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka, mme bara ba Rama ke Sheba le Dedane.

Ver Capítulo



Genese 10:7
11 Referencias Cruzadas  

Kushe a tswala Nimrode; ke yena ya qadileng ho ba matla lefatsheng.


Lebitso la ya pele ke Pisone, e teetseng naha yohle ya Havila hare, moo kgauta e leng teng.


Mofumahadi wa Sheba a re a sa utlwa botumo ba Salomone bo hlahileng ka lebitso la Jehova, a tla ho mo leka ka dilotho.


Bara ba Kushe ke Saba, Havila, Sabta, Raema, le Sabteka. Bara ba Raema ke Seba le Dedane.


yaba Basabea ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


Boporofeta hodima Arabia: Le hlola bosiu masabasabeng a Arabia, lona dihlopha tsa baeti ba Dedane.


Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.


Bana ba Dedane ba ne ba hweba le wena; dihlekehleke tse ngata di ne di le matleng a hao ho hweba le wena, di o lefa ka meno a ditlou le motsweri.


Dedane o ne a ananya tsa hao ka mephoso e etsang ditleleki tsa ho palama.


Bahwebi ba Sheba le ba Raema le bona ba ne ba hweba le wena, ba ananya tsa hao ka dinoko tse kgethehileng, le mahakwe a mefutafuta, le kgauta.