Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Marena 10:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Mofumahadi wa Sheba a re a sa utlwa botumo ba Salomone bo hlahileng ka lebitso la Jehova, a tla ho mo leka ka dilotho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha mofumahadi wa Sheba a utlwa kamoo Morena a tumisitseng Solomone kateng, a mo etela, ho ya mo nonya maikutlo ka dipotso tse thata.

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 10:1
28 Referencias Cruzadas  

le Obale, le Abimaele, le Seba;


Bara ba Kushe ke Saba, le Havila, le Sabta, le Raema, le Sabteka. Bara ba Raema ke Seba, le Dedane.


Jokshane a tswala Seba le Dedane; bara ba Dedane ya eba Baashurime, le Baletushime, le Baleummime.


Ba lefatshe lohle ba ne ba etela Salomone ho tla utlwa bohlale ba hae, boo Modimo o bo kentseng pelong ya hae.


A feta batho bohle ka bohlale, a feta le Ethane wa Esra, le Hemane, le Kalkole, le Darda, bara ba Mahole; mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tse kamathoko.


Ha tla ba matjhaba wohle, ho tla utlwa bohlale ba Salomone, ba romilwe ke marena wohle a lefatshe, a neng a utlwe tsa bohlale ba hae.


A romela kete tse leshome Lebanone ka kgwedi e nngwe le e nngwe, a nna a ba fapanya, hore ba dule kgwedi e nngwe Lebanone, kgwedi tse pedi ba di dule hae. Adonirame a bewa mohlahlobi wa ba kgethilweng.


Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


Makaba a Thema a a batla, dihlopha tsa baeti ba Seba di bea tshepo ya tsona teng.


Ke sekehela polelo tsa hlalefo ditsebe tsa ka, ke lotha selotho sa ka, ke ntse ke letsa harepa.


marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.


Ba tla nne ba phele, ba mo nee dikgauta tsa Seba, ba mo rapelle ka dinako tsohle, ba nne ba mmoke kamehla.


O tla kwahelwa ke bongata ba dikamele le ba dipetsana tsa tsona tsa Midiane le tsa Efa; bohle ba Seba ba tla tla ba belesitse kgauta le dibano, mme ba tla tumisa dithoko tsa Jehova.


Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele.


Lebitso la hao la nna la tuma hara ditjhaba ka baka la botle ba hao, hobane bo ne bo phethehile ka bokgabane ba ka boo ke neng ke o apesitse ka jona: ho rialo Morena Jehova.


Sheba, le Dedane, le bahwebi ba Tarshishe, le ditawana tsohle tsa teng, ba tla re ho wena: Hleka o tlile ho hapa na? Hleka o bokeletse bongata boo ho tlatlapa thepa, hore o tle o be o ye le silefera le kgauta, o nke le mehlape le mesebetsi, ho hapa thepa e kgolo na?


Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le moloko wona, a o tswe; hobane o ne a tlohe pheletsong tsa lefatshe, ho tla mamela bohlale ba Salomone; mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.


A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


hore ho etsahale polelo ya moporofeta, ya itseng: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho, ke pepese ditaba tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.


O ne a se ke a ba bolella letho haese ka ditshwantsho; ere ha a le kathoko, a qaqisetse barutuwa ba hae ditaba tsohle.


Mofumahadi wa Borwa o tla ema kahlolong le banna ba moloko wona, mme o tla ba tswa; hobane o ne a tlohe pheletsong tsa lefatshe ho tla mamela bohlale ba Salomone, mme bonang, e moholo ho Salomone o teng mona.


Mme bophelo bo sa feleng, ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos