Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 10:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bara ba Kama ke Kushe, le Mitsraime, le Puthe, le Kanana.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana.

Ver Capítulo Copiar




Genese 10:6
15 Referencias Cruzadas  

Dihlekehleke tsa ditjhaba di ne di arohane ka mafatshe a tsona ke batho bao, mong le mong ka puo ya hae, ka mefuta ya bona, le ka ditjhaba tsa bona.


Lebitso la noka ya bobedi ke Gihone, e teetseng naha yohle ya Kushe hare.


Nowe a phela dilemo tse makgolo a mahlano, a ntoo tswala Sema, le Kama, le Jafeta.


Bara ba Nowe ba tswileng arekeng ke Sema, le Kama, le Jafeta. Kama ke ntata Kanana.


Kama, ntata Kanana, a bona bofeela ba ntatae, mme a ya bolella banababo ba babedi kantle.


Ba fihlela makgulo a nonneng, a molemo, naha ya teng e le sephara e letse, e dutse ka kgotso; ke Bakama ba neng ba ahile teng mehleng ya boholoholo.


Ebile moo Iseraele a fihlang Egepeta, mme Jakobo a ba mojaki naheng ya Kama.


ba etsa meeka hara bona, le mehlolo naheng ya Kama.


le mehlolo naheng ya Kama, le meeka Lewatleng le Lefubedu.


Wa otla matsibolo kaofela naheng ya Egepeta, sehlooho sa bonna ba bona ditenteng tsa Kama.


Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.


Palamang dipere; makoloi, mathang ka ho kgema; bahale ba ke ba nehele, e leng Baethiopia le Baputhe ba tshwereng thebe, le Balude ba tshwereng seqha, ba fula ka sona.


Makgotleng a hao, ho no ho ena le Bapersia, le Balude, le Baputhe, bao e neng e le bahlabani ba hao; ha eno ba ne ba fanyeha thebe le heleme; ke bona bao e neng e le bokgabane ba hao.


ba ena le Bapersia, le Bakushe, le Baputhe, ba nang le dithebe le diheleme kaofela ha bona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos