La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Bara ba Jafeta ke Gomere, le Magogo, le Madai, le Javane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase.

Ver Capítulo

BIBELE

Bana ke bara ba Jafeta: Gomere, le Magogo, le Madai, le Jafane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase.

Ver Capítulo



Genese 10:2
16 Referencias Cruzadas  

Ke tsema ditloholo tsa bara ba Nowe: Sema, Kama le Jafeta ba tswala bara kamorao ho morwallo.


Ha tswalwa bana le ho yena Sema, ntata bara ba Hebere kaofela, moholwane wa Jafeta.


Modimo o atolose Jafeta, a dule ditenteng tsa Sema, mme Kanana e be mohlanka wa hae.


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.


Ke madimabe hakakang, ha ke aheletse Mesheke, leha ke dutse ditenteng tsa Kedare!


Ke tla bea pontsho ho bona, mme hara ba phonyohileng ke nke ba bang, ke ba romele ditjhabeng, Tarshishe, Pule le Lude, ho ba tjhehang seqha Tubale, le Javane, le dihlekehlekeng tse hole, tse esong ho utlwe taba tsa ka le ho bona kganya ya ka; mme ba tla tumisa kganya ya ka hara ditjhaba.


Bafedane le Bajafane ba ne ba ananya tsa hao ka masela a lohilweng, tshepe e kgabisitsweng, kassia, le lehlaka le nkgang hamonate di le teng ho tseo o hwebang ka tsona.


Ka lene e ntle e homilweng ya Egepeta o ne o entse masela a hao le folaga ya hao, purepera le sekarelata sa dihlekehleke tsa Elisha o di nketse masela a hao a dilepello.


Mesheke o teng, le yena Tubale, le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetswe hare ke mabitla a bona. Bohle ke maqai, ba bolailwe ke lerumo; hobane ba ne ba hasanya letsoso la bona lefatsheng la ba utlwang.


O tla tloha hae ha eno, pheletsong ya leboya, e le wena le ditjhaba tse ngata hammoho le wena, e le ba palamileng dipere kaofela ha bona, bongata bo boholo, sera se sengata;


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa Gogo, naheng ya Magogo, ho morena wa Roshe, Mesheke le Tubale, o mo porofetele.


ba nang le Gomere le makgotla wohle a hae; le ntlo ya Togarma e tswang pheletsong ya leboya le makgotla wohle a hae, le ditjhaba tse ngata hammoho le wena.


Mora motho, porofetela Gogo, o re: Morena Jehova o re: Bona, ke tla ho wena, Gogo, morena wa Roshe, Mesheke le Tubale.


mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dikgutlong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, a ba bokellele ho lwana; palo ya bona e ka ka lehlabathe la lewatle.