Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 10:2 - BIBELE

2 Bana ke bara ba Jafeta: Gomere, le Magogo, le Madai, le Jafane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Bara ba Jafeta ke Gomere, le Magogo, le Madai, le Javane, le Tubale, le Mesheke, le Tirase.

Ver Capítulo Copiar




Genese 10:2
16 Referencias Cruzadas  

Ena ke meloko ya bara ba Nowe, e leng Sema le Kama le Jafeta. Kamora morallo wa metsi ba ne ba tswale bara.


Sema, ntata bana bohle ba Ebere, moholwane wa Jafeta, le yena a tswallwa bana.


Modimo a ke a hodise Jafeta, a phele ditenteng tsa Sema, Kanana e be lekgoba la hae.”


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Ho madimabe nna ka ho jaka Mesheke, ka ho aha hara ditente tsa Kedare.


“Ke tla etsa pontsho hara bona, ba phonyohileng ke ba romele ditjhabeng tsa Tarshishe, le Pule, le Lode, e leng tsona tse tummeng ka ho fula ka metsu. Ke tla ba romela Tubale le Jafane, le dihlekehlekeng tse hole, tse eso utlwe botumo ba ka, tse eso bone le yona tlotla ya ka; ba tla phatlalatsa tlotla ya ka hara ditjhaba.


“ ‘Baahi ba Dane le ba Jafane ba tswang Usale, ba ne ba reka thepa ya hao, ba e ananya ka tshepe le ka dinoko le ka ntshwe.


Diseile tsa hao ba di entse ka lene, lene e homilweng, e tswang Egepeta, e bile ke yona mokgele wa hao; masira a hao a maputswa, a perese, ke a tswang mabopong a Elisha.


“Mesheke le Tubale le tsona di teng, mmoho le mabotho wohle a tsona. Di teetswe hare ke mabitla a bahlabani ba tsona; kaofela ha bona ke maqai a bolailweng ka sabole, le hoja ba ile ba tshosa batho ba phelang lefatsheng.


O tla tloha haeno, hole leboya, o ena le ditjhaba tse ngata, bohle ba palame dipere, le le lebothohadi le matla.


“Wena ngwana motho, tadima Gogo, e leng kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale, ya naheng ya Magogo. O mo porofetele,


le yona Gomere ka mabotho wohle a yona, le Bete-Togarema e tswang hole leboya ka mabotho wohle a yona, le ditjhaba tse ngata di ena le wena.


“Wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha wena Gogo, o leng kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale.


mme o tla ya ho kgelosa Gogo le Magogo, e leng ditjhaba tse diqoleng tse nne tsa lefatshe. O tla di phutha hore di lwane, palo ya tsona e le kaalo ka lehlabathe la lewatle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos