Modimo wa bitsa moo ho omileng lefatshe, pokello ya metsi wa e bitsa mawatle; mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
Genese 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa bitsa sebaka mahodimo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bobedi. BIBELE Modimo a re loapi ke “lehodimo”. Ha phirima, ha esa, ya eba letsatsi la bobedi. |
Modimo wa bitsa moo ho omileng lefatshe, pokello ya metsi wa e bitsa mawatle; mme Modimo wa bona hoba ho molemo.
Modimo wa bona tsohle tseo o di entseng hoba di molemo haholo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la botshelela.
Modimo wa bitsa lesedi motshehare, mme lefifi wa le bitsa bosiu. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la pele.
Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo.
Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo.
Wa bopa e motona le e motshehadi, wa ba hlohonolofatsa, mme wa ba rea lebitso la motho, mohla ba bopjwang.
Boporofeta ba lentswe la Jehova hodima Iseraele: Ho itswe ke Jehova ya alang mahodimo, ya theang lefatshe, ya bopang moya wa motho ka ho yena: