Ke tsena ditaba tsa ho hlaha ha mahodimo le ha lefatshe mohla di bopjwang. Mohla Jehova Modimo a etsang lefatshe le mahodimo,
Genese 1:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa re: Lesedi ha le be teng, mme lesedi la eba teng. BIBELE Modimo a re: “Lesedi le be teng!” Yaba lesedi le ba teng. |
Ke tsena ditaba tsa ho hlaha ha mahodimo le ha lefatshe mohla di bopjwang. Mohla Jehova Modimo a etsang lefatshe le mahodimo,
Bona kamoo o hasang lesedi kateng pela wona, kamoo o ikwahelang ka botebo ba lewatle kateng.
Jehova ke Modimo, mme ke yena ya re bonesang. Tshwarang kgomo ya sehlabelo ka marapo, le e tlise manakeng a aletare!
Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.
Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.
Ha e sa tla ba letsatsi le o bonesang motshehare, le kgwedi e ke ke ya hlola e o etsetsa ngwedi, empa Jehova e tla ba lesedi le sa feleng ho wena, Modimo wa hao e be kganya ya hao.
Jesu a nanabetsa letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata, o ntlafale. Yaba lepera la hae le fola hang.
E ne e le lona lesedi la nnete, le bonesetsang motho e mong le e mong ya hlahang lefatsheng.
Mme kahlolo ke yona ena: Lesedi le tlile lefatsheng, mme batho ba ratile lefifi ho lesedi, kahobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe.
Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.
Ke ka baka leo ho itsweng: Tsoha, wena morobadi, tloha hara bafu, mme Kreste o tla o bonesetsa.
Hobane kgale le ne le le lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng; tsamayang ke hona jwaloka bana ba lesedi.
e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!
Ke ena taba eo re e utlwileng ho yena, eo re le bolellang yona, ke hoba Modimo o lesedi, mme ha ho lefifi ho wona le hanyenyane.
Ke boela ke le ngolla taelo e ntjha, e leng nnete ho yena le ho lona; hobane lefifi le a feta, mme lesedi la nnete le se le hlahile.