Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Lefatshe le ne le hloka sebopeho, le le feela; lefifi le ne le le hodima bodiba, mme Moya wa Modimo o ne o solla hodima metsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Lefatshe le ne le se na sebopeho, le se na letho; lefifi le ne le aparetse bodiba. Moya wa Modimo o ne o okaokela metsi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:2
17 Referencias Cruzadas  

ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?


O ne o ale boputswa ba leboya hodima sebaka se feela, wa fanyeha lefatshe hodima bodiba.


ha ke tla le fa maru ho ipopa ka wona, le mehodi e metenya ho iphutela ka yona;


Tsela ya yona e benya mehlaleng ya yona, ho le jwaloka hoja lewatle e le moriri o moputswa.


Ha o boela o romela moya wa hao, di boele di tswalwe; mme o ntjhafatse tshobotsi ya lefatshe.


O ne o le kgurumeditse ka bodiba jwaloka hoja ke kobo, metsi a ne a eme dithabeng;


Ya ahileng lefatshe kahodima metsi: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Rorisang Jehova lefatsheng, lona didrakone, le lona madiba kaofela;


Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.


Ka hlahiswa mawatle a sa le siyo, le tsona didiba tse kollang metsi a mangata.


Empa jwaloka dinonyana ha di otlolla mapheo a tsona, Jehova wa makgotla o tla sireletsa Jerusalema ka mapheo a hae; a apese, a namolele, a qenehele, a pholose.


Hobane Jehova, mmopi wa Mahodimo, Modimo o bopileng lefatshe, moetsi wa lona ya le tiisitseng, ya sa ka a le bopela lefeela, ya mpang a le bopetse hore le ahuwe, o bolela, o re: Ke nna Jehova, e mong ha a yo.


Ke tadima lefatshe, mme bonang le sentswe, le feela; le wona mahodimo, mme a hloka lesedi la wona.


Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!


Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.


A etsa jwaloka ntsu ha e tsosa madinyane a yona, mme e okaokela hodima wona, e emisa mapheo a yona, e nka bana ba yona, mme e ba pepa mapheong a yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos