La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Esthere 8:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Morena a rola lesale la hae leo a neng a le amohile Hamane, a le nea Mordekai; mme Esthere a bea Mordekai monga ntlo ya Hamane.

Ver Capítulo

BIBELE

Kgosi ya nka lesale la yona la monwana, leo e ileng ya le rodisa Hamane, ya le rwesa Moredekai. Yaba Esetere o bea Moredekai hore e be mookamedi wa dintho tsohle tsa Hamane.

Ver Capítulo



Esthere 8:2
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o ntsha lesale la hae monwaneng wa hae, a le kenya monwaneng wa Josefa, mme as mo hlopha ka masela a lene a tshesane, a mo rwesa letjekwana la kgauta molaleng.


Haele mesebetsi yohle ya matla a hae, le diketso tsa hae tse phahameng, leha e le qaqiso ya boholo ba Mordekai, kamoo morena a kileng a mo phahamisa kateng, ha ke re, taba tseo di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa marena a Media le Persia?


Yaba morena o rola lesale letsohong la hae, a le nea Hamane, mora Hammedatha, Moagage, mohlorisi wa Bajuda.


Esthere a eketsa a bua pela morena; a itihela pela maoto a hae, a lla, a mo rapela hore a fedise morero o bolotsana wa Hamane, Moagage, le bohlale ba hae boo a rerileng Bajuda ka bona.


O itshepise ka Jehova, o tiye ditseleng tsa hae, mme o tla o hodisa, o tle o je lefa la lefatshe; o tla bona le tshenyeho ya ba babe.


Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.


Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokwa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monwaneng, le be le mo rwese dieta maotong;