Esthere 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba bahlanka ba sebeletsang morena, ba re: Morena a ke a batlelwe barwetsana ba batle ba dikgarebe; BIBELE Yaba bahlanka ba kgosi ba e sebeletsang ba re ho yona: “A ho ke ho batlelwe kgosi barwetsana ba batle. |
Bahlanka ba hae ba mmolella, ba re: Morena, monga rona, ha e batlelwe morwetsana, a tle, a eme pela morena, a mmoloke; a robale sefubeng sa hao, hore morena, monga rona, a ke a futhumale.
Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,
mme ba neng ba le haufi le yena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarsise, Merese, Marsena le Memukane, e leng mahosana a supileng a Persia le Media, a neng a bona sefahleho sa morena, hape e le a dutseng ditulong tse phahameng mmusong. A re ho bona:
mme dinaheng tsohle tsa mmuso wa hae morena a ke a laele manqosa hore a bokelle barwetsana bohle ba batle ba dikgarebe, ba tliswe Susane, motse wa moreneng, tlung ya basadi, kalosong ya Hegai, tona ya morena le modisa wa basadi;
Ba re ba sa bua, ke ha matona a morena a fihla, a phakisa a isa Hamane dijong tse entsweng ke Esthere.