14 Eitse ha Abrame a se a fihlile Egepeta, Baegepeta ba bona mosadi hoba o motle haholo.
14 Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo.
O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.
Ditona tsa Faro le tsona tsa mmona, mme tsa mo rorisa pela Faro; mme mosadi a nkwa, a iswa ka tlung ya Faro.
Lea o ne a na le mahlo a fokolang, empa Ragele o ne a bopehile hantle, a le motle ho bonweng.
Mosadi eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jewa, mme se kgahlisa mahlo, mme se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka ditholwana tsa sona, a di ja, mme a nea monna wa hae ya neng a na le yena, mme le yena a ja.
Kamora ditaba tsena, mosadi wa mong a Josefa a isa mahlo ho yena, a re: Robala le nna!
bara ba Modimo ba bona baradi ba batho hoba ba batle, mme ba inkela basadi hara bohle bao ba ikgethetseng bona.
Empa nna, ke re ho lona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya tadimang mosadi ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ya hae.