Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 12:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:13
18 Referencias Cruzadas  

Abrame le Nakore ba inkela basadi; lebitso la mosadi wa Abrame e le Sarai, lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka, moradi wa Harane, ntata Milka le Jiska.


Eitse ha Abrame a se a fihlile Egepeta, Baegepeta ba bona mosadi hoba o motle haholo.


Abrahama o ne a boletse bakeng sa Sara, mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka. Yaba Abimeleke, morena wa Gerare, o a romela, mme a nka Sara.


A monna eo ha a ka a re ho nna: Enwa ke kgaitsedi ya ka? Mme le yena, yena ka sebele, na ha a ka a re: Ke kgaitsedi ya ka? Ke entse hoo ka pelo e lokileng le ka matsoho a hlwekileng.


Ha batho ba motse ba mmotsa hodima mosadi wa hae, a re: Ke kgaitsedi ya ka, hobane o ne a tshaba ho re: Ke mosadi wa ka, e tle e se ke ya re mohlomong batho ba motse ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane a ne a le motle ho tadingweng.


Na o tshabile mang, wa tshoha mang, ha o ikentse lehata, o sa ka wa nkgopola, o sa ka wa ntlhokomela na? Na ke hobane e le kgale ke kgutsitse, ha o sa ka wa ntshaba na?


Yaba Jeremia o bolella Tsedekia, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ha o tswa hona jwale ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, moya wa hao o tla phela, le motse ona o ke ke wa tjheswa ka mollo; o tla phela, wena le ntlo ya hao.


Jeremia a mo araba, a re: O ke ke wa neelwa matsohong a bona. O mpe o mamele lentswe la Jehova, lona leo ke o bolellang lona, mme ho tla ba molemo ho wena, moya wa hao o phele.


Bonang, meya yohle ke ya ka; moya wa ngwana le moya wa ntatae ke ya ka hammoho; moya o etsang sebe ke wona o tla shwa.


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ke ka baka la ntho tseo bohale ba Modimo bo tlang hodima bana ba ho se dumele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos