Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 12:13 - BIBELE

13 Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O hle o re, o kgaitsedi ya ka, ke tle ke etswe hantle ka baka la hao, mme moya wa ka o phele ka baka la hao.

Ver Capítulo Copiar




Genese 12:13
18 Referencias Cruzadas  

Bo-Aborame le Nakore ba nyala basadi. Lebitso la mosadi wa Aborame e ne e le Sarai, mme lebitso la mosadi wa Nakore e le Mileka, moradi wa Harane, eo e leng ntata Mileka le ntata Iseka.


Ha Aborame a fihla Egepeta, Baegepeta ba bona hore mosadi eo o motle haholo.


Kaha Aborahama a ne a ye a re mosadi wa hae, Sara, ke kgaitsedi ya hae, kahoo Abimeleke, kgosi ya Gerare, a romela maqosa ho nka Sara.


Na hase yena ya ileng a re ho nna: ‘Ke kgaitsedi ya ka’? Le yena mosadi a re: ‘Ke ngwaneso’? Nna ke entse hona ka letswalo le kgutsitseng, le ka matsoho a se nang molato.”


Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.


“Eo le mo tshohang ke mang, eo le mo tshabang hakaale, ke mang, hoo le ileng la ntlhokela botshepehi, la ba la sitwa le ho nkgopola, kapa hona ho nnahana ka pelong tsa lona? Na hase hobane e le kgale ke kgutsitse, ha e le moo le se le sa ntshabe?


Yaba Jeremia o re ho Sedekiya: “Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ha o ka fela wa ya ineela ho mahosana a kgosi ya Babilona, o tla phela, le motse ona ha o na ho tjheswa ka mollo. Wena le ba ntlo ya hao le tla phela.


Jeremia a re ho kgosi: “Ba ke ke ba neelana ka wena. Ke a o kopa hle: Hlompha lentswe la Morena, leo ke o bolellang lona, e le hore o tle o atlehe, mme o phele.


Bonang mona, motho e mong le e mong ke wa ka; ntata le yena mora, bobedi ba bona ke ba ka. Motho ya etsang sebe o tla shwa!


Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.


Moputso wa sebe ke lefu, empa mpho ya mohau, ya Modimo, ke bophelo bo sa feleng ho Kreste Jesu, Morena wa rona.


Ka baka la tse jwalo bohale ba Modimo bo tlela ba sa mo mameleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos