La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Esthere 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

hore a tlise pela morena mofumahadi Vashti a rwetse moqhaka wa bofumahadi hloohong ya hae, hore a tle a bontshe ditjhaba le mahosana botle ba hae; hobane e ne e le motho ya sefahleho se setle.

Ver Capítulo

BIBELE

Ya a laela hore a tlise mofumahadi Fashiti kapele ho kgosi, a rwetse mofapahlooho wa bofumahadi, hore setjhaba le mahosana a tlo boha botle ba hae, hobane mofumahadi o ne a le motle haholo.

Ver Capítulo



Esthere 1:11
9 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho se motho hohle Iseraeleng, ya tumileng ka botle ba hae, jwaloka Absalome; ho tloha bohatong ba maoto, ho isa hara hlooho, ho ne ho se kodi ho yena.


Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.


Morena a rata Esthere ho feta basadi bohle ba bang, mme a fumana mohau le kamohelo pela hae ho feta barwetsana bohle ba bang; yaba o mo rwesa moqhaka wa bofumahadi hloohong, mme a mmea mofumahadi tulong tsa Vashti.


ho ke ho tliswe seaparo sa borena se aparwang ke morena, le pere e palangwang ke morena, le moqhaka wa borena o rwalwang hloohong ya hae;


Pelo ya motho e itherela tsela, empa ke Jehova ya tsamaisang maoto.


Kgahleho e a thetsa; botle ke bosawana! Mosadi ya tshabang Jehova ke yena ya tla roriswa.


Bitso la monna eo e ne e le Nabale, bitso la mosadi wa hae e le Abigaile; e ne e le mosadi ya kelello e edileng, ya sebopeho se setle; monna wa hae yena o ne a le thata, a le mobe metsamaong ya hae; e ne e le wa mofuta wa Kalebe.