Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodima naha ya Egepeta, mme Jehova a fokisa moya wa botjhabela lefatsheng ka tsatsi leo lohle le ka bosiu boo bohle; ha bo esa, moya wa botjhabela wa fihlisa tsie.
Eksoda 7:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Etlere ha Faro a le bolella, a re: Etsang mohlolo; o tle o re ho Aarone: Nka lere la hao, o le lahlele pela Faro, mme le tla fetoha noha. BIBELE “Ha Faro a bua le lona, a re: ‘Ipakeng ka ho etsa mohlolo,’ wena o tla re ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o o akgele kapele ho Faro, o tle o fetohe noha.’ ” |
Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodima naha ya Egepeta, mme Jehova a fokisa moya wa botjhabela lefatsheng ka tsatsi leo lohle le ka bosiu boo bohle; ha bo esa, moya wa botjhabela wa fihlisa tsie.
Yaba Moshe o nka mosadi wa hae le bara ba hae, a ba palamisa diesele, a kgutlela lefatsheng la Egepeta. Moshe a nka lere la Modimo letsohong la hae.
A re: Le lahlele fatshe. A le lahlela fatshe; yaba le fetoha noha, mme a baleha pela yona.
Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodimo, mme Jehova a hlahisa diaduma le sefako; mollo wa matha fatshe, mme Jehova a nesa sefako hodima naha ya Egepeta.
Ikopele pontsho ho Jehova, Modimo wa hao, o kope hore e hlahe tlase lebitleng, leha e le hodimo lehodimong.
Bua, o re: Morena Jehova o re: Bona, Faro, morena wa Egepeta, ke tla o futuhela, wena kwena e kgolo e bothileng mahareng a dinoka tsa hao, o reng: Noka ya ka ke ya ka ruri, ke nna ke iketseditseng yona.
Empa a ba araba, a re: Moloko ona o lonya, o mofebi, o batla mohlolo; empa ha o ka ke wa newa mohlolo, haese mohlolo wa moporofeta Jonase.
empa ekare ha ke e etsa, mme le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, hore le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.
Yaba Bajuda ba bua, ba re ho yena: O ya re bontsha pontsho efe, haele moo o etsa tse jwalo?
Yaba ba re ho yena: Hleka o etsa mohlolo ofe, re tle re o bone, mme re dumele ho wena? O sebetsa eng na?