A bea pontsho ka tsatsi leo, a re: Pontsho ke ena eo Jehova a e boletseng: Bonang aletare e tla petsoha, mme melora e hodima yona e tla tsholoha.
Eksoda 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o araba, a re: Empa bona, ha ba ka ke ba ntumela, mme ha ba ka ke ba mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: Jehova ha a ka a iponahatsa ho wena. BIBELE Jwale Moshe a araba, a re: “Empa bona, ha ba na ho nkgolwa, mme ha ba na ho mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: ‘Morena ha a eso ka a iponahatsa ho wena.’ ” |
A bea pontsho ka tsatsi leo, a re: Pontsho ke ena eo Jehova a e boletseng: Bonang aletare e tla petsoha, mme melora e hodima yona e tla tsholoha.
Eo a re: Ke mang ya o beileng morena le moahlodi wa rona? Na o rata ho mpolaya, jwalokaha o bolaile Moegepeta na? Yaba Moshe o a tshoha, a re: Ruri taba eo e a tsejwa.
Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.
Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;
Ba tla mamela lentswe la hao, mme o tla ya, wena le baholo ba Iseraele, ho morena wa Egepeta, mme le tla re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o tlile ho rona, mme jwale, ako re dumelle; re ye tsela ya matsatsi a mararo lefeelleng, re tle re hlabele Jehova, Modimo wa rona, mahlabelo.
Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.
Aarone a ba bolella mantswe kaofela ao Jehova a a buileng ho Moshe, mme a etsa dipontsho mahlong a setjhaba.
Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.
Moshe a bua pela Jehova, a re: Bona, bana ba Iseraele ha ba ka ba nkutlwa, mme Faro a ka nkutlwa jwang, nna ke leng motho ya molomo o thata?
Moya wa nkuka, wa ya le nna; ka ya ke hlabehile, ke hlokofetse pelo, mme letsoho la Jehova la sebetsa ho nna ka matla.
O ne a lekanya hore banababo ba tla utlwisisa kahoo hobane Modimo o tla ba namolela ka letsoho la hae, empa ha ba ka ba utlwisisa.
Gideone a re ho yena: Ha ekaba ke bone mohau ho wena, ako nnee pontsho ya hobane ke wena ya buang le nna.