Bopaki ba hao bo tshepahala ho fetisa. Kgalalelo e tshwanela ntlo ya hao, Jehova, kamehla yohle.
Eksoda 39:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka purepera, le sekarelata, le krimsone, ha etswa diaparo tsa tshebetso e phethwang sehalalelong; ha etswa diaparo tse kgethehileng tsa Aarone, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. BIBELE Ka masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, ba loha diaparo tsa ho sebeletsa ka Sehalalelong. Ba etsetsa Arone diaparo tse halalelang, jwalokaha Modimo a ne a laetse Moshe. |
Bopaki ba hao bo tshepahala ho fetisa. Kgalalelo e tshwanela ntlo ya hao, Jehova, kamehla yohle.
O tla etsa tabernakele ka masela a leshome a lene e ntle e lohilweng, a purepera, a sekarelata, a krimsone; o tla homela dikerubime ho wona, e be mosebetsi o etswang ka masene.
le diaparo tsa tshebeletso, le diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista;
le diaparo tsa ho etsa tshebeletso sehalalelong, e leng diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae, tsa ho etsa mosebetsi wa boprista.
E mong le e mong ya neng a ena le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle, le boya ba podi, le matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, ba di tlisa.
ha etswa le didulwana tsa lebala lohle, le didulwana tsa monyako wa lebala, le dithakgisa tsa tabernakele, le dithakgisa tsa lebala lohle.
Ha tliswa le diaparo tsa tshebetso tsa ho sebetsa sehalalelong, e leng diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista.
Etlare ha baprista ba kena, ba se ke ba tswa sehalalelong ho kena lebaleng le kantle, ba eso ho bee teng diaparo tseo ba etsang tshebeletso ka tsona, hobane ke tse halalelang; ba tla apara meaparo esele, ba ntoo atamela nqalo eo e leng ya setjhaba.
Molao wa ntlo ke wona. Moedi wohle wa yona, o hodima thaba, ka nqa tsohle, ke nqalo e halalelang haholo. Bonang, molao wa ntlo ke oo.
o kene hang feela sehalaledisisong, e seng ka madi a diphooko le a manamane, empa e leng ka madi a hae a sebele, mme a etsa topollo e sa feleng.
e seng hore a iketse pheko hangata, jwaloka moprista e moholo ha a kena sehalaledisisong ka selemo se seng le se seng, a tshwere madi ao e seng a hae.