O tle o beele setjhaba moedi o teelang thaba hare, o re: Itemoheleng, le se ke la nyolohela thabeng, kapa la ama mosiko wa yona; motho e mong le e mong ya ka amang thaba, o tla bolaelwa ruri.
Eksoda 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang. BIBELE Modimo a re ho yena: “O se ke wa atamela mona! Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela!” |
O tle o beele setjhaba moedi o teelang thaba hare, o re: Itemoheleng, le se ke la nyolohela thabeng, kapa la ama mosiko wa yona; motho e mong le e mong ya ka amang thaba, o tla bolaelwa ruri.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Theoha, o laele setjhaba, ba se tshohe ba phunyelletsa ka ho Jehova ho tla boha, mme ha eshwa ba bangata ho bona.
Moshe a tsebisa Aarone mantswe wohle a Jehova kamoo a mo romileng kateng, le dipontsho tsohle tseo a mo laetseng tsona hore a di etse.
Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe.
Monga hae e tla ba ya tswang ho yena, mmusi wa hae e be ya hlahang ho yena; ke tla mo atametsa, a tle a be haufi le nna; hobane ke mang ya neng a ka beta pelo hore a atamele ho nna, ho bolela Jehova?
Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.
Morena a re ho yena: Rola dieta maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke lefatshe le kgethehileng.
Hobane Jehova, Modimo wa hao, o tsamaya hara diahelo tsa hao ho o boloka, le ho neela dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsohle tsa hao di ke di hlweke ke hona, mme Jehova a se ke a bona taba e ditshila ha hao, a tle a se ke a o furalla.
Hobane ba ne ba imelwa ke taelo e itseng: Ekasita e le phoofolo ha e ka ama thaba, e bolawe ka majwe.
Molaodi wa makgotla a Jehova a re ho Joshua: Rola dieta tsa hao maotong a hao, etswe nqalo eo o emeng ho yona e kgethehile. Mme Joshua a etsa jwalo.
le rona re ne re le utlwe lentswe leo, ha le theoha lehodimong, re ntse re na le yena thabeng e halalelang.