La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 26:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

O tlo o etse masela a boya ba podi ho etsa tente ya tabernakele; o tle o etse masela a jwalo a leshome le motso o mong.

Ver Capítulo

BIBELE

“Ka boya ba dipodi o tla etsa masela a tente e kwahelang leaho; o tla etsa masela a leshome le motso o mong.

Ver Capítulo



Eksoda 26:7
18 Referencias Cruzadas  

Kahare ho ntlo, moradi wa morena o dutse bokgabaneng feela; seaparo sa hae ke lesela le homilweng ka kgauta.


purepera, sekarelata, krimsone, lene e ntle le boya ba podi;


O tla etsa tabernakele ka masela a leshome a lene e ntle e lohilweng, a purepera, a sekarelata, a krimsone; o tla homela dikerubime ho wona, e be mosebetsi o etswang ka masene.


Haele mmeno o setseng maseleng a tente, sekoto sa mmeno o setseng se tla lepella maraong a tabernakele.


O ntoo etsetsa tente sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le sekgurumetso sa matlalo e diqibi ho apesa sa matlalo a dipheleu.


O ntoo etsa dikgoketsane tsa kgauta tse mashome a mahlano, mme o tle o kopanye masela hammoho ka dikgoketsane tseo, tabernakele e tle e be ntho e le nngwe feela.


Bolelele ba lesela e be ditswe tse mashome a mararo, bophara ba lona e be tswe tse nne; masela a leshome le motso o mong a etswe ka tekanyo e le nngwe.


O ke o rokelle masela a mahlano ka nqe nngwe, le masela a tsheletseng ka hosele, mme o menahanye lesela la botshelela kapele ho tente.


E mong le e mong ya neng a ena le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle, le boya ba podi, le matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, ba di tlisa.


Basadi bohle ba eleditsweng ke pelo tsa bona, ba masene, ba loha boya ba podi.


purepera, sekarelata, krimsone, lene e ntle le boya ba podi;


Mme Jehova o tla hlahisa hodima bophara bohle ba thaba ya Sione le hodima diphutheho tsa hae leru le mosi nyene, le kganya ya malakabe a mollo bosiu; hobane ke sona serireletso se tla apesa kganya yohle.


Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,


Hape le tla hlatswa diaparo kaofela le dintho tsohle tsa letlalo, le tse entsweng ka boya ba dipodi, le dijana tsa mahong.


Ba tla jara masela a tabernakele le tente ya pokano, le sekwahelo sa yona, le sekgurumetso sa matlalo a diqibi se bewang kahodima sona,


empa le hlophise motho ya ka sephiring, e leng wa pelo, ka kgabo e sa senyeheng ya moya o mosa, o bonolo; hlopheho eo hase le ho rateha ho Modimo.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.