Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Tseo bara ba Gershone ba neng ba di baballa, tseo e leng tsa tente ya pokano, e ne e le tabernakele le tente, le sekgurumetso sa yona, le lesira la monyako wa tente ya pokano,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Mosebetsi wa bana ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, e ne e le ho hlokomela Leaho, Tente ya Morena, le marulelo a yona, le lesira la monyako wa Tente ya Morena;

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:25
23 Referencias Cruzadas  

Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.


Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.


Le tla etsa tsohle ka tekanyetso ya tabernakele le ya mesebetsi yohle ya yona, kamoo ke le bontshang kateng.


Hape, a ala tente hodima tabernakele, mme hodima yona a bea sekgurumetso sa tente, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Lesela le homilweng lona a le fanyeha monyakong wa tabernakele.


o mpe o bee Balevi balebedi ba tabernakele ya bopaki, le ba mesebetsi yohle ya yona. E tla ba bona ba tlang ho jara tabernakele le mesebetsi yohle ya yona; e tla ba bona ba tlang ho etsa tshebetso ya yona, mme ba tla teela tabernakele hare moo e hlongwang teng.


Tabernakele ya qhaqhollwa: yaba bara ba Gershone le bara ba Merari ba tloha, ba jere tabernakele.


Morena wa ntlo ya bontata Bagershone e ne e le Eliasafe, mora Laele.


ba di boloke pela tente ya pokano, ha ba ntse ba phetha tshebetso ya tabernakele.


A nea bara ba Gershone, ka ho lekanyetsa mosebetsi wa bona, makoloi a mabedi le dipholo tse nne;


Ho jwaloka motho ha a etile, a tlohetse ntlo ya hae, a neile bahlanka ba hae ditaelo tsa hae, a laetse e mong le e mong mosebetsi wa hae, mme a laetse molebedi wa monyako ho lebela.


E reng ho Arkipe: Tadima tshebetso eo o e abetsweng ke Morena, o tle o e phethe.


Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos