O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano tsa koporo, mme o kenye dikgoketsane tseo mahokelong; o kopanye tente hammoho, e tle e be ntho e le nngwe feela.
Eksoda 26:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) O ntoo etsa dikgoketsane tsa kgauta tse mashome a mahlano, mme o tle o kopanye masela hammoho ka dikgoketsane tseo, tabernakele e tle e be ntho e le nngwe feela. BIBELE O tla etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, o hokanye masira a mabedi ka dihokelo tseo, e le hore leaho e be ntho e le nngwe. |
O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano tsa koporo, mme o kenye dikgoketsane tseo mahokelong; o kopanye tente hammoho, e tle e be ntho e le nngwe feela.
O tle o bee lesira tlasa dikgoketsane, mme hona teng, kahare ho lesira, o tla kenya areka ya bopaki, lesira lena le tla le arolela sehalalelo ho sehalaledisiso.
O tla bea mahokelo a mashome a mahlano leseleng le leng, o bee hape mahokelo a mashome a mahlano ntlheng ya lesela le qetellang masela a rokeletsweng hammoho, mahokelo a tle a lokelane.
O tlo o etse masela a boya ba podi ho etsa tente ya tabernakele; o tle o etse masela a jwalo a leshome le motso o mong.
e le tabernakele le tente ya yona, le sekgurumetso sa yona, le mahokelo a yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;
Ha etswa dikgoketsane tse mashome a mahlano tsa kgauta, ha kopanngwa masela hammoho ka dikgoketsane; ka mokgwa o jwalo tabernakele ya eba ntho e phethehileng.
Yaba Moshe o tlisetswa tabernakele, le tente le mesebetsi yohle ya yona, le dikgoketsane tsa yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;
eo mmele wohle o bopehileng hantle, o kopantsweng hammoho, ka dikopano tsohle tse fepang ditho tsohle, o nkang kgolo ho yena, ka matla a abelwang se seng le se seng sa tsona, o tle o hahuwe leratong.