Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 26:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 O tle o bee lesira tlasa dikgoketsane, mme hona teng, kahare ho lesira, o tla kenya areka ya bopaki, lesira lena le tla le arolela sehalalelo ho sehalaledisiso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

33 O tla leketlisa lesira dihokelong, mme ka nqane ho lona o bee areka ya selekane. Lesira leo le tla arohanya Sehalalelo ho Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 26:33
16 Referencias Cruzadas  

Hara ntlo, a kgaola sebaka sa ditswe tse mashome a mabedi maboteng, a sireletsa mabota a sona ka dipolanka tsa kedare ho tloha fatshe, a se etsa sehalalelo, e leng sehalaledisiso.


Eitse hobane baprista ba tswe sehalalelong, ntlo ya Jehova ya tlala leru;


Baprista ba ntoo tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong ya yona, sehalalelong sa ntlo, e leng sehalaledisiso, tlasa mapheo a dikerubime.


A ntoo etsa ntlo ya sehalaledisiso; bolelele ba yona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bo lekane le bophara ba ntlo, bophara le bona e le ditswe tse mashome a mabedi; a e maneha ka kgauta e hlwekileng ya ditalenta tse makgolo a tsheletseng;


O tla bea arekeng bopaki boo ke tla o nea bona.


O tla le fanyeha ditshiyeng tse nne tsa sefate sa leoka, tse manehilweng ka kgauta, tse nang le dikgoketsane tsa tsona tsa kgauta; hape di hlomelwe didulwaneng tse nne tsa silefera.


ho etswe tshiya tse mashome a mabedi le didulwana tsa tsona tsa koporo tse mashome a mabedi; dipekere tsa ditshiya le dithupa tsa tsona e be tsa silefera.


Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.


la etsetswa tshiya tse nne tsa sefate sa leoka, mme tsa manehwa ka kgauta; tsa eba le dikgoketsane tsa kgauta, mme tsa tshollelwa didulwana tse ne tsa silefera.


Yaba o tlisa areka tabernakeleng, a fanyeha lesira le homilweng le kgaolang, a sireletsa jwalo areka ya bopaki, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


O tle o kenye ho yona areka ya bopaki, o sireletse areka ka lesira.


A lekanya bolelele bo kahare, bo le tswe tse mashome a mabedi, le bophara bo le tswe tse mashome a mabedi, ka pele ho tempele; yaba o re ho nna: Hoo ke sehalaledisiso.


Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos