Ba ba ba lahla melao ya hae, le selekane seo a neng a se hlabile le bontata bona, le ditemoso tsa hae tseo a ba neileng tsona; ba latela masawana, ba ipebola, ba etsisa ditjhaba tse ba teetseng hare, tseo Jehova a neng a ba laetse, a re, ba se ke ba etsa jwaloka tsona.
Le nke sehlotshwana sa hisopa, le e qopetse mading a mokekaneng; le foke sefate se hodimo le dikosene tsa menyako ka madi a leng mokekaneng; ho se ke ha tswa motho ka monyako wa ntlo ya hae ho fihlela hosasa.
o hlabe pheleu, o nke madi, mme ka wona o tlotse ntlha ya tsebe e tona ya Aarone, le dintlha tsa tsebe tse tona tsa bara ba hae, le menwana e metona ya matsoho a bona a matona, le menwana e metona ya maoto a bona a matona; madi a mang o a tshollele aletareng ka nqa tsohle.
e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.
O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.
A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.
O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya kgomo eo ya sehlabelo sa hae, o tla e hlaba monyako wa tente ya pokano; baprista, bara ba Aarone, ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.
a bee letsoho la hae hodima hlooho ya sehlabelo seo sa hae, a se hlabe pela tente ya pokano, mme bara ba Aarone ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.
Ka mokgwa o jwalo, a nka senwelo, hobane ho lallwe, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka; etsang hoo, kamehla yohle ha le enwa, le tle le nkgopole ka hona.
le ho busetsa dintho tsohle kgotsong ya Modimo ka yena, leha e le tse lefatsheng, leha e le tse mahodimong, kahobane e le yena ya entseng kgotso ka madi a sefapano sa hae.
e seng jwaloka selekane seo ke neng ke se etse le bontata bona, mohla ke ba tshwereng ka letsoho, ka ba ka ba ntsha naheng ya Egepeta; hobane ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, mme ke ba lahlile ke hona, ho itswalo ke Morena.
Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,
ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.