La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 22:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ha leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla atamela pela Modimo, hore ho bonwe hore na ha a ka a isa letsoho mesebetsing ya wa habo na.

Ver Capítulo

BIBELE

Haeba leshodu le sa fumanwe, monga ntlo o tla iswa moo ho rapelwang Modimo teng, ho hlapanya hore ha a a ka a isa letsoho dinthong tsena tsa motho e mong.

Ver Capítulo



Eksoda 22:8
9 Referencias Cruzadas  

Etlare motho ha a sitetswe wa habo, mme a tlangwa ka kano, hore a hlapanye ka yona; ha a etla, a hlapanya pela aletare ena tlung ena,


A re: Ho bona, ho ke ho nkwe ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene ba tla tsamaisa tshebetso ya ntlo ya Jehova; hape, ho nkwe ba kete tse tsheletseng ho ba etsa bahlahlobi le baahlodi;


Modimo o kene phuthehong ya medimo, o ahlola mahareng a medimo.


teng, monga lona o tla le atametsa pela Modimo, a le atametse pela lemati la monyako kapa kosene ya lona, mme monga lona o tla le phunya tsebe ka lemao, mme le tla nne le mo sebeletse ka ho sa feleng.


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


Haele tabeng efe le efe ya molato wa kgomo, kapa wa esele, kapa wa konyana, kapa wa seaparo, leha e ka ba wa ntho e lahlehileng eo ho ka thweng, ke yona ntho e tsekwang ke batho bao ba babedi, e tla tliswa pela Modimo; eo Modimo o tla re, o molato, o tla lefela wa habo habedi.


Bea baahlodi le dihlooho metseng yohle ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona melokong ya hao, ba tle ba ahlole setjhaba ka kahlolo ya ho loka.