Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ekare ha motho a nea wa habo ditjhelete, kapa mesebetsi ho e boloka, mme e utsuwa tlung ya motho eo, ha leshodu le ka fumanwa, le tla lefa habedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Ha motho a nea e mong tjhelete, kapa diphahlo hore a di boloke, mme tsena di utsuwa ka tlung ya motho eo; haeba leshodu le fumanwa, le tla lefiswa habedi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:7
10 Referencias Cruzadas  

Ekare ha ntho e utswitsweng e fumanwa matsohong a lona e ntse e phela, kapa e leng kgomo, kapa esele, kapa konyana, o tla e lefa habedi.


Ekare ha hlaha e nama, mme e fumana meutlwa, kapa qubu ya mangata, kapa koro e ntseng e eme, kapa tshimo, e ba e etjha, ya tjhesitseng hlaha o tla lefa ka tefo e shwetseng.


Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;


O se ke wa katella wa heno, leha e le ho mo tlatlapa. Moputso wa ya o sebeletsang ka letsatsi, o se ke wa o boloka ho isa hosasane.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Ekare ha e mong a etsa sebe, mme a etsa ho sa lokang pela Jehova, ka ho thetsa wa habo ka ntho e beilweng ho yena, leha e le ka ntho e beilweng polokong ya hae, leha e le ka ntho e utswitsweng, leha e le ka ntho e nkilweng ka mano,


kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.


A rialo, e seng kahobane a ne a hlokomela bafumanehi, empa e le kahobane e ne e le leshodu; ke yena ya neng a na le mokotlana wa ditjhelete, mme o ne a inkela se kenngwang teng.


Le se ke la lahleha: Haele ba ditshila, haele ba rapelang ditshwantsho, haele baboki le bafebi, leha e le basodoma, le mashodu, le ba lakatsang leruo, le matahwa, le ba sebang ba bang, le ba utswang, ba jwalo ba ke ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos