Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 22:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Haele tabeng efe le efe ya molato wa kgomo, kapa wa esele, kapa wa konyana, kapa wa seaparo, leha e ka ba wa ntho e lahlehileng eo ho ka thweng, ke yona ntho e tsekwang ke batho bao ba babedi, e tla tliswa pela Modimo; eo Modimo o tla re, o molato, o tla lefela wa habo habedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Tabeng e nngwe le e nngwe ya tlolo ya molao, e amanang le kgomo, kapa tonki, kapa nku, kapa diaparo, kapa eng le eng e lahlehileng eo ho thweng: ‘Ke yona ena,’ taba ya bao ba babedi e tla tliswa moo ho rapelwang Modimo teng. Eo Modimo a mo fumanang a le molato, o tla lefela monga ntho habedi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 22:9
17 Referencias Cruzadas  

Ha ke a ka ka o tlisetsa tse harotsweng; ke nna ke senyehetsweng ke tsona; o batlile diatleng tsa ka tse utswitsweng motshehare, le tse utswitsweng bosiu.


Etlare motho ha a sitetswe wa habo, mme a tlangwa ka kano, hore a hlapanye ka yona; ha a etla, a hlapanya pela aletare ena tlung ena,


Haele nyewe e nngwe le e nngwe e tla tliswa ho lona ke banababo lona ba ahileng metseng ya bona, bakeng sa polao, leha e le bakeng sa molao le taelo, le sa dikomelo le dikahlolo, le tla ba eletsa hore ba se ke ba eba le molato ho Jehova, le se ke la halefelwa hammoho le banababo lona. Le etse jwalo, le tle le hloke molato.


Ekare ha motho a nea wa habo esele, kapa kgomo, kapa konyana, leha e le phoofolo e nngwe ho e boloka, mme e eshwa, kapa e robeha setho, kapa e utsuwa ho sa bonwe motho;


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


Ekare ha ntho e utswitsweng e fumanwa matsohong a lona e ntse e phela, kapa e leng kgomo, kapa esele, kapa konyana, o tla e lefa habedi.


kapa ntho efe le efe eo a hlapantseng ka leshano hodima yona, o tla e busa kaofela ha yona, a eketse hodima yona bohlano bo bong, mme o tla e busetsa ho monga yona ka letsatsi leo ho fumanweng molato wa hae ka lona.


Ekare ha ngwaneno a o sitetswe, eya, o mo laye o ena le yena a nnotshi; ha a o mamela, etlaba o ruile ngwaneno.


Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha e mong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle.


Etlere ha batho ba bang ba ena le tseko, mme ba etla nyeweng ho tla ahlolwa, ya lokileng a ke a bolelwe hoba o lokile, mme ya molato a tsuwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos