Eksoda 22:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ekare ha hlaha e nama, mme e fumana meutlwa, kapa qubu ya mangata, kapa koro e ntseng e eme, kapa tshimo, e ba e etjha, ya tjhesitseng hlaha o tla lefa ka tefo e shwetseng. BIBELE “Ha hlaha e etjha, mme e fihla meutlweng kapa qubung ya mangata, kapa korong e eso helwe, ruri ya tjhesitseng hlaha o tla lefa tshenyo eo. |
Ha e mong a fudisitse tshimong kapa serapeng sa morara, mme a tlohetse kgomo tsa hae, tsa ya ja tshimo ya motho e mong, o tla lefa ka se setle sa tshimo ya hae le ka se setle sa morara wa hae.
Ekare ha motho a nea wa habo ditjhelete, kapa mesebetsi ho e boloka, mme e utsuwa tlung ya motho eo, ha leshodu le ka fumanwa, le tla lefa habedi.
Haele tabeng efe le efe ya molato wa kgomo, kapa wa esele, kapa wa konyana, kapa wa seaparo, leha e ka ba wa ntho e lahlehileng eo ho ka thweng, ke yona ntho e tsekwang ke batho bao ba babedi, e tla tliswa pela Modimo; eo Modimo o tla re, o molato, o tla lefela wa habo habedi.
Le tla ba tseba ka ho beha ha bona. Ana morara o kgolwa meutlweng, kapa a difeiye di kgolwa dibajweng na?