La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 21:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

teng, monga lona o tla le atametsa pela Modimo, a le atametse pela lemati la monyako kapa kosene ya lona, mme monga lona o tla le phunya tsebe ka lemao, mme le tla nne le mo sebeletse ka ho sa feleng.

Ver Capítulo

BIBELE

monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa.

Ver Capítulo



Eksoda 21:6
24 Referencias Cruzadas  

Ba mmolella, ba re: Ha o ka ipea mohlanka wa setjhaba sena kajeno wa ba sebeletsa, wa ba dumella, wa ba bolella mantswe a molemo, teng e tla nne e be bahlanka ba hao kamehla.


Modimo o kene phuthehong ya medimo, o ahlola mahareng a medimo.


Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


Banna ha ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, mpa e senyeha, a mpa a sa tswe kotsi e isang lefung, ho tla lefshwa tefo e ka bewang ke monna wa mosadi eo, mme e tla lefshwa baahlodi ba le teng.


Ekare ha lekgoba le tiisa, le re: Ke rata monga ka, ke rata le mosadi wa ka le bana ba ka, ha ke rate ho tloha ke ikela;


Ekare ha motho a rekisitse ka moradi wa hae ho mo etsa lekgoba, a ke ke a lokoloha ka mokgwa wa makgoba a matona.


O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.


Ke tla boela ke o tlisetse baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba jwaloka ba ho qala; o ntoo bitswa motse wa ho loka, motse o tshepehang.


Masimo a se ke a rekiswa ka ho ela ruri, hobane naha ke ya ka, etswe lona le le baditjhaba, le ba ikaheletseng ha ka.


empa o tla dula ho wena jwaloka mohlanka, kapa moeti; o tla dula tshebeletsong ya hao ho isa selemong sa Jubile.


Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;


Mohlang oo, ka laela baahlodi ba lona, ka re: Mamelang ditaba tsa banababo lona, mme le ahlolele ka ho loka motho le ngwanabo, le moditjhaba ya ahileng le lona.


Empa ekare ha a o bolella, a re: Ha ke rate ho tloha ho wena; kahobane o a o rata, wena le ntlo ya hao, le hobane o iketlile ha hao;


o tle o nke lemao, mme ka lona o mo phunyetse tsebe lemating la monyako, mme e tla ba mohlanka wa hao kamehla; le bakeng sa mohlanka wa hao e motshehadi o etse jwalo.


Bea baahlodi le dihlooho metseng yohle ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona melokong ya hao, ba tle ba ahlole setjhaba ka kahlolo ya ho loka.


Anna a mpa a se ke a ya, a re ho monna wa hae: Mohla ngwana a kgwesitsweng, ke hona ke tla mo isa, a tle a hlahiswe pela Jehova, mme a dule teng kamehla.


Akishe yena a tshepa Davida, a re: Ruri, o ikentse ya nkgang hampe ho setjhaba sa habo sa Baiseraele; e tla nne e be mohlanka wa ka kamehla.


Davida a re ho Akishe: Kannete, o tla tseba seo mohlanka wa hao a tla se etsa. Akishe a boela a re ho Davida: Kannete, ke tla o bea ya mpolokang hlooho ka tshiu tsohle tsa ho phela ha ka.