Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 21:6 - BIBELE

6 monga lona o tla le isa moo ho rapelwang Modimo teng, mme a le atametse pela monyako, kapa pela kosene; jwale monga lona o tla le phunya tsebe ka elese, mme lekgoba lena le tla mo sebeletsa ho fihlela le eshwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 teng, monga lona o tla le atametsa pela Modimo, a le atametse pela lemati la monyako kapa kosene ya lona, mme monga lona o tla le phunya tsebe ka lemao, mme le tla nne le mo sebeletse ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 21:6
24 Referencias Cruzadas  

Ba re ho yena: “Haeba ho tloha kajeno o ka ba mohlanka wa setjhaba sena, wa se sebeletsa, wa bua le sona hantle ha o se araba, e tla ba bahlanka ba hao.”


Pesalema ya Asafo. Modimo o dutse lekgotleng la bomodimo, o ahlola a le hara baahlodi.


“ ‘Ka bona bosiu boo ke tla tsamaya naheng yohle ya Egepeta, ke bolaye matsibolo wohle a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla ahlola medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Morena.


“Haeba banna ba lwana, mme ba thula mosadi wa moimana, eba mosadi eo o a senyehelwa, feela a sa tswe kotsi, ba mo thutseng ba tla lefiswa ke baahlodi ho ya kamoo monna wa mosadi eo a ka bolelang kateng.


“Empa haeba lekgoba le bolela, le re: ‘Ke rata monga ka, le mosadi wa ka, le bana ba ka, mme ha ke rate ho lokoloha,’


“Ha motho a rekisa moradi wa hae hore e be lekgoba, moradi eo a ke ke a lokoloha jwaloka lekgoba la monna.


“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.


Ke tla o kgutlisetsa baahlodi ba kang ba pele, le baeletsi ba kang ba mehleng ya kgale; kamorao ho tseo o tla bitswa motse wa toka, o bitswe motse o tshepahalang.


“ ‘Naha e se ke ya rekisetswa ruri, hobane ke ya ka, lona le baeti le bajaki ho nna.


A phele le wena jwaloka mohiruwa kapa jwaloka mojaki, mme a o sebeletse ho fihlela ka selemo sa mokete wa tokoloho.


Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.


Ka yona nako eo ka laela baahlodi ba lona, ka re: ‘Mamelang dipelaelo tsa bana babo lona, mme le ahlole ka toka pakeng tsa motho le ngwanabo, le pakeng tsa hae le mojaki.


“Empa haeba lekgoba leo le ka re ho wena: ‘Ha ke rate ho kgaohana le wena,’ e le hobane le o rata, le rata le lelapa la hao; le hobane o le phedisa hantle;


o tla nka elese, o phunye tsebe ya lona e manamisitswe lemating. Jwale lekgoba leo e tla ba la hao kamehla yohle. Le lekgoba la hao la mosadi o le etse jwalo.


“Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka.


Empa ha e le Anna yena a se ke a nyoloha, hobane o ile a re ho monna wa hae: “Hanghang ha moshanyana a kgweswa, ke tla mo tlisa, ke mo hlahise kapele ho Morena, mme a tle a hlole teng kamehla yohle.”


Akishe a kgolwa Davida, a re: “O entse hore setjhaba sa habo sa Baiseraele se mo hloye, mme kahoo e tla ba mohlanka wa ka kamehla yohle.”


Davida a re ho Akishe: “Ho lokile! O tla bona ntho eo mohlanka wa hao a tla e etsa!” Akishe a re ho Davida: “Ke hantle; o tla ba molebedi wa ka kamehla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos