Ka mokgwa o jwalo, ba patwa ba babedi tlung ya Jehova ka dilemo tse tsheletseng, mme Athalia a busa naha.
Eksoda 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mosadi eo a emola, a tswala mora; eitse ha a bona hobane ke ngwana e motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo. BIBELE Mosadi eo a ithwala, a tswala mora. Ha a bona hore o motle, a mo pata ka kgwedi tse tharo. |
Ka mokgwa o jwalo, ba patwa ba babedi tlung ya Jehova ka dilemo tse tsheletseng, mme Athalia a busa naha.
Amrame o ne a nyetse Jokebede, rakgadiae, mme a mo tswalla Aarone le Moshe. Dilemo tsa ho phela ha Amrame tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.
Lebitso la mohatsa Amrame e ne e le Jokebede, moradi wa Levi, ya tswaletsweng Levi Egepeta; a tswalla Amrame Aarone, Moshe le Miriame, kgaitsedi ya bona.
Moshe a tswalwa mehleng eo, ya eba ngwana e motle ho Modimo; a hodiswa ka kgwedi tse tharo tlung ya ntatae.
le ka tse molemo tsa lefatshe, le ka ho tlala ha lona; mme mohau wa ya hlahileng sehlahleng o tle o dule hloohong ya Josefa, hloohong ya eo e leng morena hara banababo.
Ka tumelo, Moshe, hobane a tswalwe, o kile a patwa ke baholo ba hae ka dikgwedi tse tharo, ha ba mmona hoba ke ngwana e motle, mme ha ba ka ba tshoha molao wa morena wa Egepeta.
A romela ke hona, a mo hlahisa; o ne a le mokgunong, a le mahlo a matle, le ka sebopeho a le motle. Ebile Jehova o re: Tsoha, o mo tlotse, hobane ke yena eo.