Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 11:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ka tumelo, Moshe, hobane a tswalwe, o kile a patwa ke baholo ba hae ka dikgwedi tse tharo, ha ba mmona hoba ke ngwana e motle, mme ha ba ka ba tshoha molao wa morena wa Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ka tumelo yare hoba Moshe a tswalwe, a patwa dikgwedi tse tharo ke batswadi ba hae. Ba mmona e le ngwana e motle, mme ha ba a ka ba tshoswa ke taelo ya kgosi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Ka tumelo Moshe, ha a tswalwa, o ile a patwa ka kgwedi tse tharo ke batswadi ba hae, kahobane ba ne ba bona hore ke ngwana e motle; mme ba ne ba sa tshabe taelo ya morena.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Ka tumelo Moshe, ha a tswalwa, o ile a patwa ka kgwedi tse tharo ke batswadi ba hae, kahobane ba ne ba bona hore ke ngwana e motle; mme ba ne ba sa tshabe taelo ya morena.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 11:23
16 Referencias Cruzadas  

Jehova o nkemetse; ha ke tshabe letho, motho a ka nketsang?


Ke ithorisa ka Modimo, ka lentswe la wona; ke itshepetse Modimo, ha ke tshabe letho: motho a ka nketsang?


a re: Ha le belehisa basadi ba Baheberu, mme le bona hoba ba se ba ya beleha, ere ha e le ngwana e motona, le mmolaye, mme ha ekaba ke ngwana wa mosetsana, a pholohe.


Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


O se ke wa tshaba, wena sebokonyana, Jakobo, mosalanyana wa Iseraele; ke nna ke o thusang, ho bolela Jehova; Mohalaledi wa Iseraele ke Molopolli wa hao.


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Mmameleng, lona ba tsebang ho loka, lona batho ba nang le molao wa ka dipelong tsa lona; le se ke la tshaba nyatso ya batho, le se ke la tshoha ditshomo tsa bona.


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Moshe a tswalwa mehleng eo, ya eba ngwana e motle ho Modimo; a hodiswa ka kgwedi tse tharo tlung ya ntatae.


Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos