Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa a sitwa ho mo pata halele; yaba o mo nkela sethoto sa moseme, a se bitiela ka tiri le ka boka, a kenya ngwana ka ho sona, a se bea lehlakeng, lebopong la noka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Yare ha a se a sitwa ho mo pata, a nka sethoto se entsweng ka lehlaka, a se bitiela ka boroku le ka boka, mme a bea ngwana boroku le ka boka, mme a bea ngwana ka ho sona, a se bea hara lehlaka, lebopong la noka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:3
10 Referencias Cruzadas  

Yaba ba bolellana, ba re: Tloong hleng, re bope makote, re a bese ka mollo. Ba eba le makote bakeng sa majwe, le bitume bakeng sa seretse.


Lehwatata la Sidime le ne le na le mekotikoti ya bitume, mme eitse ha marena a Sodoma le a Gomora a baleha, a wela ho yona, mme ba phonyohang ba balehela thabeng.


O iketsetse areka ka difate tsa gofere; o etse dikarolo arekeng, mme o e tlotse ka boka kahare le kantle.


Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


le romang manqosa lewatleng ka dikepe tsa moseme hodima metsi! Eyang, bahlanka ba lebelo, setjhabeng se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona.


Dinokana di tla nkga, meedi ya Egepeta e tla oma, e pshe; lehlaka le tla pona le wona moseme.


Mahwatata a mahlabathe a tla fetoha matsha a metsi, naha e omeletseng e be le didiba tsa metsi, setsha sa diphokojwe, moo mesima ya tsona e neng e le teng, e tla ba setsha sa moseme le lodi.


Ha ba se ba tlohile, lengeloi la Morena la hlahela Josefa ka toro, la re: Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, mme o dule teng, ke tle ke be ke o bolelle; hobane Heroda o tla batla ngwana ho mmolaya.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


Eo a etsa ka mano ho setjhaba sa rona, a hlorisa bontata rona, a ba a ba lahlisa bana ba bona, hore ba tle ba se ke ba hlola ba ata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos