Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 2:3 - BIBELE

3 Yare ha a se a sitwa ho mo pata, a nka sethoto se entsweng ka lehlaka, a se bitiela ka boroku le ka boka, mme a bea ngwana boroku le ka boka, mme a bea ngwana ka ho sona, a se bea hara lehlaka, lebopong la noka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa a sitwa ho mo pata halele; yaba o mo nkela sethoto sa moseme, a se bitiela ka tiri le ka boka, a kenya ngwana ka ho sona, a se bea lehlakeng, lebopong la noka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 2:3
10 Referencias Cruzadas  

Yaba ba buisana, ba re: “Tloong, re etseng setene, re se bese, se butswe hantle.” Bakeng sa majwe ba sebedisa setene, bakeng sa seretse ba sebedisa boka.


Phula ena ya Sidime e ne e ena le dikoti tse nang le boka, mme eitse ha dikgosi tsa Sodoma le Gomora di baleha, tsa wela dikoting tsena, mme bahlabani ba setseng ba balehela thabeng.


“Iketsetse areka ka difate tsa phaena, o e etse dikamore, mme o e bitiele ka boka kantle le kahare.


Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.”


e romela maqosa a etla ka lewatle, ka kepe tsa lehlaka tse sesang metsing! Eyang baromuwa ba tsebang ho potlaka, eyang tjhabeng sa batho ba balelele, ba sotseng, tjhaba se tshajwang hole le haufi, tjhaba se matla, se hatakelang, seo naha ya sona e tletsatletseng dinoka.


melapo ya yona e nkge, e re phu! melatswana ya yona le yona e pshe, e omelle. Hlaka la yona le lodi di tla pona,


Hlabathe le tjhesang le tla fetoha letsha, diba di kopotse mobung o ommeng. Moo e ne le dilao tsa diphokojwe ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi.


Hoba Ba Bohlale ba kgutle, lengeloi la Morena la iponahatsa ho Josefa torong, la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o balehele Egepeta, o hlole teng ho fihlela ke o bolella, hobane Heroda o makgatheng a ho batla ngwana hore a mmolaye.”


Yare ha Heroda a lemoha hore o phomilwe ke Ba Bohlale, a halefa haholo, a laela hore ho bolawe masea wohle a bashanyana a Betlelehema le a tikolohong yohle ya teng, a dilemo di pedi le katlase, ho ya ka nako eo a e botsisisitseng ho Ba Bohlale.


Eo ya sebetsa leloko la rona ka mano, ya sotla bo-ntata rona, ya ba lahlisa masea a bona, hore a tle a se ke a phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos