Yaba Miriame moporofeta, kgaitsedi ya Aarone, le yena o nka moropa letsohong la hae; basadi kaofela ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, ba tlaka.
Phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya fihla lefeelleng la Tsine ka kgwedi ya pele, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Miriame a shwela teng, mme a epelwa teng.
Lebitso la mohatsa Amrame e ne e le Jokebede, moradi wa Levi, ya tswaletsweng Levi Egepeta; a tswalla Amrame Aarone, Moshe le Miriame, kgaitsedi ya bona.