La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 18:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Jethro a itumela ka baka la molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Iseraele, ha a ba namoletse letsohong la Baegepeta.

Ver Capítulo

BIBELE

Jethero a nyakalla ka baka la tsohle tseo Morena a di etseditseng Baiseraele bao a ba lopolotseng matsohong a Baegepeta.

Ver Capítulo



Eksoda 18:9
8 Referencias Cruzadas  

Ke hlakotse ditlolo tsa hao jwaloka mohodi, le dibe tsa hao jwaloka leru; sokolohela ho nna, hobane ke o lopolotse.


Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.


Ke tla bina mehauhelo ya Jehova le dithoko tsa Jehova hodima tsohle tseo Jehova a di entseng bakeng sa rona, le hodima lereko le leholo leo a rekolohetseng ntlo ya Iseraele ka lona, leo a ba etseditseng lona ka mohau wa hae le ka boholo ba mehauhelo ya hae.


Ithabiseng le Jerusalema, nyakallo ya lona e ke e tsoswe bakeng sa hae, lona kaofela ba mo ratang! Ithabeleng haholo le yena, lona kaofela ba nnileng ba mo llela;


Tlwaelanang hamonate ka lerato la boena; le nne le beane pele ka hlomphano.


Thabang le ba thabileng, mme le lle le ba llang.


Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.


Saule a re ho Bakene: Tsamayang, le tlohe, le tswe hara Baamaleke, esere mohlomong ka le timetsa hammoho le bona, athe le ne le etse bana bohle ba Iseraele ka mohau, mohla ba tswang Egepeta. Kahoo, Bakene ba tloha ho Baamaleke.