Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 15:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Saule a re ho Bakene: Tsamayang, le tlohe, le tswe hara Baamaleke, esere mohlomong ka le timetsa hammoho le bona, athe le ne le etse bana bohle ba Iseraele ka mohau, mohla ba tswang Egepeta. Kahoo, Bakene ba tloha ho Baamaleke.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:6
21 Referencias Cruzadas  

ke ho re, lefatshe la Bakene, le la Bakenise, le la Bakadmone,


Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?


Haele masika a bangodi ba neng ba ahile Jabetse, ke Bathireathe, Bashimeathe, le Basukathe. Ke bona Bakene ba tswileng ho Hamathe hlooho ya ntlo ya Rekabe.


Mamela jwale lentswe la ka, ke o eletse, mme Modimo o be le wena! A e be wena ya emang pela Modimo bakeng sa setjhaba, e be wena ya isang ditaba ho Modimo.


Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.


Baiseraele bohle ba neng ba ba teetse hare ba baleha ka baka la seboko sa bona, ba re: E se be le rona lefatshe la re metsa.


A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng mofuteng ona o kgopo.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Morena a ke a hauhele ntlo ya Onesifore; hobane o ntshedisitse hangata, mme ha a ka a ntlhabelwa ke dihlong ka baka la mahlaahlela a ka;


Ditholwana tsa lehwetla, tseo pelo ya hao e di thabelang, di suthetse hole le wena, mme tse monate le tse bokgabane kaofela di tlohile ho wena, mme ha o sa tla hlola o di fumana.


Haele bana ba Mokene, mohwehadi wa Moshe, ba ne ba tlohile motseng wa Dipalema, ba nyolohetse le bana ba Juda feelleng la Juda, le leng ka nqa borwa ho Arade; mme ba tla, ba aha le batho ba teng.


Haele Hebere, Mokene, o ne a kgaohane le Bakene ba bang, bana ba Hobabe, mohwehadi wa Moshe, mme o ne a ile, a hlomile tente ya hae pela sefate sa eike se Tsaannaime, haufi le Kedeshe.


Ho ke ho roriswe hara basadi Jaele, mosadi wa Hebere Mokene! A ke a roriswe hara basadi ba ahileng ditenteng!


Saule ha a fihla motseng wa Baamaleke, a bea ba lallang sekgutlong.


Akishe a botsa, a re: Le be le futuhetse kae kajeno? Davida a re: Re tswa futihela nqa borwa ho Juda, le nqa borwa ho Bajerahemeele, le nqa borwa ho Bakene.


le ho ba Rakale, le ho ba metseng ya Bajerahemeele, ho ba metseng ya Bakene;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos