Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:9 - BIBELE

9 Jethero a nyakalla ka baka la tsohle tseo Morena a di etseditseng Baiseraele bao a ba lopolotseng matsohong a Baegepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jethro a itumela ka baka la molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Iseraele, ha a ba namoletse letsohong la Baegepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:9
8 Referencias Cruzadas  

Ke hlakotse tshito tsa hao jwaloka leru, ka hlakola dibe tsa hao jwaloka mohodi, kgutlela ho nna, hobane ke o lopolotse.”


Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.


Ke tla bolela tsa rato la Morena le sa feleng, le ketso tseo a lokelang ho di rorisetswa, ho ya ka tsohle tseo a re etseditseng tsona, melemo e meholo ho ba ntlo ya Iseraele, eo a ba abetseng yona ho ya ka mehauhelo ya hae, le ho ya ka ketso tsa hae tsa lerato, tse ngata.


“Lona bohle ba ratang Jerusalema, thabang le nyakalle mmoho le yona; lona bohle ba e llelang, thabang haholo mmoho le yona.


Ratanang jwaloka bana ba motho, le hlodisane ha le hlomphana.


Thabang le ba thabileng, llang le ba llang.


Haeba setho se seng se utlwa bohloko, ditho tse ding tsohle di utlwa bohloko le sona; kapa ha se seng se roriswa, tse ding tsohle di thaba le sona.


Saule a re ho Bakene: “Tsamayang, le tlohe mona hara Baamaleke, esere ka le timetsa mmoho le bona. Lona le ne le hauhele bana ba Iseraele bohle ha ba ne ba nyoloha Egepeta.” Yaba Bakene ba tloha hara Baamaleke.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos