Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 18:8 - BIBELE

8 Moshe a phetela mohwe wa hae tsohle tseo Modimo a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka lebaka la Baiseraele; le ditsietsi tsohle tseo ba di fumaneng tseleng, le kamoo Modimo a ba lopolotseng kateng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba Moshe o phetela mohwehadi wa hae tsohle tseo Jehova a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka baka la Iseraele, le ditsietsi tsohle tseo ba hlahetsweng ke tsona tseleng, le kamoo Jehova a ba ntshitseng ho tsona kateng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 18:8
23 Referencias Cruzadas  

Jwale nka nyolohela jwang ho ntate, ha mohlankanyana a le siyo? Ke tshaba ho bona bomadimabe bo tla hlahela ntate.”


“Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!


A ba pholosa matsohong a ba ba hloileng, a ba namolela matsohong a sera.


Empa o ile a ba pholosa ka baka la lebitso la hae, hore ho tle ho bonahatswe matla a hae.


Ba ke ba rialo bao Morena a ba lopolotseng, a ba namolela matsohong a mohatelli;


Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.


“Ke tlositse mojaro mahetleng a hao, matsoho a hao a nyahladitse seroto;


Tshabo le thothomelo tsa ba wela hodimo, ka matla a tsoho la hao ba kgutsitse jwaloka majwe, ho fihlela tjhaba sa hao se feta, tjaba sa hao Morena, ho fihlela tjhaba seo se feta, seo o iphumanetseng sona.


“Morena, tsoho la hao le letona le tlotlisitswe ka matla, Morena, tsoho la hao le letona le thuankantse sera.


Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”


Jethero, moprista wa Midiane, mohwe wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo a di etseditseng Moshe, le Iseraele setjhaba sa hae, le hore Morena o ntshitse Iseraele Egepeta.


Modimo a bona bana ba Iseraele, mme a ba utlwela bohloko.


“Lengeloi la ka le tla o etella pele, le o fihlise naheng ya Baamore, le ya Bahete, le ya Baperise, le ya Bakanana, le ya Bahife, le ya Bajebuse, mme ke ba timetse.


Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.’ ”


empa Faro a ke ke a le mamela. Ke tla otla Egepeta ka letsoho la ka, ka dikahlolo tse boima, ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.


Baegepeta ba tla tseba hore ke Morena, ha ke otlolla letsoho la ka ke ba otla, mme ke ntsha bana ba Iseraele hara bona.”


Moshe, a sa le Kadeshe, a romela maqosa ho kgosi ya Edomo, a re: “Ngwaneno, Iseraele, o re: ‘O tseba ditsietsi tsohle tse ileng tsa re hlahela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos